“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.
Jakobo 2:9 - BIBELE Empa ha le ena le leeme, le etsa sebe, mme molao o a le ahlola hobane le o tlotse. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa ha le ya ka tshobotsi ya batho, le etsa sebe, mme le tsuwa ke molao, ka hore le batlodi ba wona. Baasraak Sotho NT Empa ha le lebela batho, le etsa sebe, mme le ahlolwa ke molao jwalokaha le le batlodi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ha le lebela batho, le etsa sebe, mme le ahlolwa ke molao jwalokaha le le batlodi. |
“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.
Ke mang ho lona ya ka mpeang molato wa sebe? Ha ke bolela nnete, ke ka baka lang ha le sa ntumele?
Ha ba utlwa, ba tswa ka bonngwe ho qala ka ba baholo, mme ba mo siya a le mong, mosadi a ntse a le moo.
Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.
Empa haeba bohle ba porofeta, e mong ya sa dumeleng, kapa eo e esong ho be Mokreste, ha a kena o tla kgodiseha, mme a ahlolwe ke se buuwang ke bohle.
Ka Molao wa Moshe, nna ke shwele ka nqeng ya Molao oo, hore ke tle ke phelele Modimo. Ke thakgisitswe le Kreste;
Le se ke la ahlola batho ka leeme; le mamele ya eisehang le ya hlomphehang ka ho tshwana. Le se ke la tshaba sefahleho sa motho, hobane kahlolo ke ya Modimo. Taba e tla le thatafalla, le e fetisetse ho nna, mme ke tla e mamela.’
ho tla ahlola bohle, le ho kgalemella bohle ba kgopo mesebetsi yohle ya bona e kgopo, le dipolelo tsohle tse mpe, tseo baetsadibe bao ba kgopo ba mo sitetsweng ka tsona.”