Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.
Jakobo 2:2 - BIBELE Ho ka etsahala hore phuthehong ya lona ho kene monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng tse mahadihadi, ho be ho kene le mofutsana ya apereng tse marantha. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ekare ha monna ya rwetseng lesale la kgauta, ya apereng dikobo tsa bokgabane, a kena phuthehong ya lona, ho kena le mofumanehi ya dikobo di mpe; Baasraak Sotho NT Hobane ekare ha ho kena monna phuthehong ya lona ya apereng lesale la kgauta, a apere seaparo se setle, mme ho kena le mofutsana ya apereng diaparo tse mpe; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ekare ha ho kena monna phuthehong ya lona ya apereng lesale la kgauta, a apere seaparo se setle, mme ho kena le mofutsana ya apereng diaparo tse mpe; |
Jwale Rebeka a nka diaparo tse ntle tsa Esau, mora wa hae wa matsibolo, tse neng di le ho yena ka tlung, a di apesa Jakobo mora wa hae e monyenyane.
Yaba kgosi e rola lesale la yona la monwana, e le rwesa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, eo e neng e le sera sa Bajuda.
Kgosi ya nka lesale la yona la monwana, leo e ileng ya le rodisa Hamane, ya le rwesa Moredekai. Yaba Esetere o bea Moredekai hore e be mookamedi wa dintho tsohle tsa Hamane.
Bohle re tshwana le motho, le motho ya sesila, ketso tsohle tsa rona tse lokileng di ka dikatana tse ditshila; bohle re omella sa lehlaku le omella, dibe tsa rona di re fefola sa moya ha o fefola.
“Empa ntatae a re ho bahlanka ba hae: ‘Phakisang le tlise seaparo se setlesetle, le mo apesa sona, le mo rwese lesale monwaneng, le meqathatso maotong.
Yare hoba Heroda le bahlabani ba hae ba mo nyedise, ba mo some, ba mo apesa seaparo se mahadihadi, mme Heroda a mo kgutlisetsa ho Pilato.
Ha le sheba ya apereng tse mahadihadi, ebe le re ho yena: “Wena, ako dule setulong sena se setle,” empa le re ho mofutsana: “Wena, ema mona,” kapa: “Dula fatshe mona maotong a ka,”