Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 3:10 - BIBELE

10 Yaba kgosi e rola lesale la yona la monwana, e le rwesa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, eo e neng e le sera sa Bajuda.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba morena o rola lesale letsohong la hae, a le nea Hamane, mora Hammedatha, Moagage, mohlorisi wa Bajuda.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 3:10
7 Referencias Cruzadas  

Jwale Faro a ntsha lesale la hae la monwana, a le kenya monwaneng wa Josefa; a mo apesa diaparo tse entsweng ka lesela la lene, mme a mo rwesa sekgama sa kgauta molaleng.


Kamora tsena, kgosi Ahashuerushe a phahamisa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, a mo etsa mookamedi wa mahosana wohle a neng a sebetsa le yena.


Kgosi ya re ho Hamane: “Ke o nea tjhelete eo, ke o nea le setjhaba seo, hore o iketsetse borata ka sona.”


Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho ngolwe taelo ya hore tjhaba seo se timetswe; mme tjhelete e tla lefa ba tla phetha mosebetsi oo, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mane, ke tla e kenya letloleng la kgosi.”


Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha.


Kgosi ya nka lesale la yona la monwana, leo e ileng ya le rodisa Hamane, ya le rwesa Moredekai. Yaba Esetere o bea Moredekai hore e be mookamedi wa dintho tsohle tsa Hamane.


Le lona le ngolle Bajuda kamoo le ratang kateng, le ngole lengolo lena lebitsong la kgosi, le be le le tiise ka lesale la kgosi la tiiso, hobane lengolo leo le tla ngolwa lebitsong la kgosi, mme le tiiswe ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana, le ke ke la fetolwa ke motho.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos