Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 3:11 - BIBELE

11 Kgosi ya re ho Hamane: “Ke o nea tjhelete eo, ke o nea le setjhaba seo, hore o iketsetse borata ka sona.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mme morena a re ho Hamane: Ditjhelete tseo di neilwe wena, o neilwe le setjhaba seo, o tle o etsa ka sona kamoo o ratang kateng.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 3:11
6 Referencias Cruzadas  

Yaba kgosi e rola lesale la yona la monwana, e le rwesa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, eo e neng e le sera sa Bajuda.


Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.


Mahlo a bona a rotolohile ke mafura, ka dipelong ba tletse mehopolo ya bowatla.


Ha e le nna ke matsohong a lona: Etsang ka nna seo lona le bonang se le molemo, mme se lokela.


Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.”


A lokolla eo ba neng ba mo kopa, ya neng a hlahletswe tjhankaneng ka baka la moferefere le polao, a ba neela Jesu ho etsa borata ka yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos