Esthere 3:12 - BIBELE12 Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena. Ver Capítulo |
Ba ya ho kgosi, ba bua le yona ka taelo eo e e entseng, ba re: “Na ha o a ka wa etsa taelo e reng ka matsatsi a mashome a mararo a tlang, mang kapa mang ya rapelang modimo osele kapa motho e mong, haese wena feela, kgosi, motho eo o tla akgelwa ka mokoting o moholo wa ditau?” Kgosi ya ba araba, ya re: “Ke nnete, ho jwalo, ho ya ka molao wa Bamede le Maperesiya o ke keng wa fetolwa.”