Esthere 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena. Ver CapítuloBIBELE12 Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana. Ver Capítulo |
Ba ya ho morena, ba bua pela hae ka molao o entsweng ke yena morena, ba re: Hleka ha o a ka wa ngola molao wa hore, motho leha e ka ba mang ya tla etsa thapelo ho modimo o mong, kapa ho motho ka matsatsi a mashome a mararo, haese ho wena, morena, o tla akgelwa lemeneng la ditau na? Morena a araba, a re: Ke taba e tiileng ka molao wa Bamede le Bapersia, e leng o sa fetoheng.