13 Mangolo a romelwa dinaheng tsohle tsa morena ka dititimi, ha thwe, ho timetswe, ho bolawe, ho fediswe Bajuda bohle, ba baholo le ba banyenyane, bana le basadi, ka tsatsi le le leng, e leng letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, mme ba tlatlapuwe mesebetsi ya bona.
13 Maqosa a isa mangolo ana dinaheng tsohle tsa kgosi, hore ka tsatsi le le leng, la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Hlakubele, ho tle ho timetswe, ho bolawe, ho ripitlwe Bajuda bohle, ba batjha le maqheku, masea le basadi, mme ho hapuwe tsohle tsa bona.
Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.
hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.
a re: Ha morena a dumela, leha ke fumane mohau pela hae, ha taba ya ka e lokile pela morena, hape ha ke le ya kgahlehang mahlong a hae, ho ke ho ngolwe, ho fetolwe mangolo a ngodilweng ka bohlale ba Hamane, mora Hammedatha, Moagage, a ngodilweng ke yena ho timetsa Bajuda ba dinaheng tsohle tsa morena;
Kgweding ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi, leo lentswe le taelo ya morena di neng di tshwanetse ho phethwa ka lona, e leng letsatsi leo dira tsa Bajuda di neng di tshepile hore di tla ba tsohela matla ka lona, ditaba tsa fetoha, mme Bajuda ya eba bona ba tsohelang ba ba hloileng matla.
Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.
Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.
Le Nobe, motse wa baprista, Saule a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, banna le basadi, le ba batjha, le ba anyang, le dikgomo, le diesele, le dinku; a timetsa tsohle ka bohale ba lerumo.