Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba morena o rola lesale letsohong la hae, a le nea Hamane, mora Hammedatha, Moagage, mohlorisi wa Bajuda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yaba kgosi e rola lesale la yona la monwana, e le rwesa Hamane, mora wa Hamedata wa Moakake, eo e neng e le sera sa Bajuda.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 3:10
7 Referencias Cruzadas  

Yaba Faro o ntsha lesale la hae monwaneng wa hae, a le kenya monwaneng wa Josefa, mme as mo hlopha ka masela a lene a tshesane, a mo rwesa letjekwana la kgauta molaleng.


Kamora tseo, morena Assueruse a phahamisa Hamane, mora Hammedatha, Moagage; a mo hodisa, a phahamisa tulo sa hae ho feta tsa mahosana wohle ao a nang le wona.


Mme morena a re ho Hamane: Ditjhelete tseo di neilwe wena, o neilwe le setjhaba seo, o tle o etsa ka sona kamoo o ratang kateng.


Ha morena a dumela, ho ke ho ngolwe taelo ya ho ba timetsa, mme ke tla lekanyetsa ba tshwereng mosebetsi oo ditalenta tsa silefera tse kete tse leshome, ba tle ba di kenye bobolokelong ba morena.


Esthere a re: Motshwenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enwa! Jwale Hamane a tshoha haholo pela morena le mofumahadi.


Morena a rola lesale la hae leo a neng a le amohile Hamane, a le nea Mordekai; mme Esthere a bea Mordekai monga ntlo ya Hamane.


Ha ho le jwalo, ngolang lona ka lebitso la morena bakeng sa Bajuda kamoo le ratang kateng, mme le tiise ka lesale la morena; hobane lengolo le ngodilweng ka lebitso la morena, le tiisitsweng ka lesale la morena, ha le na ho kwenehelwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos