Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha morena a dumela, ho ke ho ngolwe taelo ya ho ba timetsa, mme ke tla lekanyetsa ba tshwereng mosebetsi oo ditalenta tsa silefera tse kete tse leshome, ba tle ba di kenye bobolokelong ba morena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Haeba kgosi e ka kgahlwa, a ho ke ho ngolwe taelo ya hore tjhaba seo se timetswe; mme tjhelete e tla lefa ba tla phetha mosebetsi oo, e leng silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse makgolo a mararo le mashome a mane, ke tla e kenya letloleng la kgosi.”

Ver Capítulo Copiar




Esthere 3:9
7 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o dumela Efrone; Abrahama a lekanyetsa Efrone ditjhelete tseo a di boletseng, bara ba Hethe ba mametse: dishekele tsa silefera tse makgolo a mane tsa tseo ho rekwang ka tsona ho bahwebi.


Yaba morena o rola lesale letsohong la hae, a le nea Hamane, mora Hammedatha, Moagage, mohlorisi wa Bajuda.


Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.


Mordekai a mo tsebisa tsohle tse mo hlahetseng, a mo lekanyetsa le ditjhelete tseo Hamane a itseng, o tla di ntshetsa bobolokelo ba morena sebakeng sa Bajuda, hore a ba timetse.


hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.


Ka nako yona eo, Bakalde ba bang ba atamela, ba qosa Bajuda;


Eitse ha a qala ho bala, ha tliswa ho yena e mong ya nang le molato wa ditalenta tse dikete tse leshome;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos