Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Yaba Hamane o re ho morena Assueruse: Ho na le setjhaba se seng, se qhalaneng, se hasaneng hara ditjhaba tse dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao; melao ya sona e fapane le ya ditjhaba tse ding; ha ba ye ka melao ya morena; ha ho lokele hore morena a ba tlohele ba iketlile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Yaba Hamane o re ho kgosi Ahashuerushe: “Dinaheng tsohle tsa mmuso wa hao, ho na le setjhaba se itseng, se hasahasaneng hara ditjhaba tsohle tse mmusong wa hao. Melao ya setjhaba seo e fapane le ya ditjhaba tsohle tse ding, mme setjhaba seo ha se boloke melao ya kgosi. Ka baka lena, kgosi e ke ke ya fumana molemo wa letho ka ho tlohela setjhaba seo.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 3:8
25 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya morena Assueruse, qalong ya puso ya hae, ba ngola lengolo la ho qosa ba ahileng Juda le Jerusalema.


Elellwa hle lentswe leo o kileng wa le laela mohlanka wa hao Moshe, wa re: Etlare ha le ikgantsha, ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba!


Ha morena a dumela, ho ke ho ngolwe taelo ya ho ba timetsa, mme ke tla lekanyetsa ba tshwereng mosebetsi oo ditalenta tsa silefera tse kete tse leshome, ba tle ba di kenye bobolokelong ba morena.


Eitse ha Mordekai a tseba tsohle tse entsweng, a hahola diaparo tsa hae, a apara lesela le mahwashe le molora, mme a tswela hara motse, a ntse a howa ka mehoo e phahameng, e bohloko.


Na ha o bone seo setjhaba sena se se bolelang, ha se re: Meloko e mmedi eo Jehova a neng a e kgethile, o hlile o e lahlile! Ba nyedisa setjhaba sa ka hore se se ke sa hlola se eba setjhaba pontsheng ya bona.


Iseraele ke nku e lehlahileng, e phallelwang ke ditau; ka la pele morena wa Assiria o kile a mo ja; ka lena la morao, Nebukadresare, morena wa Babilona, o mo robakile masapo.


Ha ho le jwalo, ere: Morena Jehova o re: Morena Jehova o re: Leha ke ba lahletse hara ditjhaba, ke ba qhalanyeditse dinaheng, ho bona ke tla mpe ke be sehalalelo ka motsotso o se o kae dinaheng tseo ba ileng ho tsona.


Empa ke tla le siela masala ao e tla ba ba phonyohileng lerumong hara ditjhaba, tseo le tla beng le qhalanyeditswe dinaheng tsa tsona.


Ka nako yona eo, Bakalde ba bang ba atamela, ba qosa Bajuda;


Yaba ba araba, ba re ho morena: Daniele, e mong wa batshwaruwa ba tswang Juda, ha a re letho ka wena, morena, leha e le ka molao o ngodilweng ke wena; empa o rapela Modimo wa hae hararo ka letsatsi.


Morena ha a utlwa taba eo, a hlomoha haholo, a rera le pelo ya hae ho namolela Daniele; a nna a leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la dikela.


Ke tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, ke le sale morao ka lerumo. Mme naha ya lona e tla fetoha lesupi, metse ya lona e fetohe dithako.


ke tla ba qhalanyetsa ka sefefo hara ditjhaba tsohle tseo ba sa di tsebeng. Efela lefatshe la sala le senyehile kamora bona, ha ba ha hlokeha ya yang, kapa ya kgutlang ka lona; hobane ba fela ba fetotse naha e ratehang tshenyeho.


Ke a mmona, ke le qhoweng ya mafika; ke a mmoha ke le hlorong ya dithaba; bonang, ke setjhaba se ahang se nnotshi, se sa balweng le ditjhaba.


Yaba Bajuda ba botsana, ba re: Eo o tla ya kae, moo re ke keng ra mo fumana teng. Na o tla ya ho ba farasitseng hara Bagerike, a rute Bagerike na?


Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.


Leha ho le jwalo, re tshwanetse ho utlwa ho wena tseo o di hopotseng; hobane haele thuto eo, re a tseba hore e hanwa kahohle.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o kgutlisa kgolehong ya hao, mme o tla o hauhela, a boele a o bokelle ditjhabeng tsohle tseo Jehova, Modimo wa hao, a o qhalanyeditseng hara tsona.


Nka be ke itse: Ke tla ba fedisa, ke hlakole lebitso la bona hara batho,


Jehova o tla le qhalanyetsa hara ditjhaba, le be le sale le le sehlotshwana hara ditjhaba tseo Jehova a tla le isa hara tsona.


Ke le Jakobo, mohlanka wa Modimo le wa Morena Jesu Kreste, ke ngolla meloko e leshome le metso e mmedi e qhalaneng, ke re: Dumelang!


Ke le Petrose, moapostola wa Jesu Kreste, ke ngolla bakgethwa ba jakileng, ba hasaneng mafatsheng a Ponto, a Galatia, a Kapadosia, a Asia, le a Bithinia;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos