Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.
Isaia 2:1 - BIBELE Sena ke seo Esaya, mora wa Amose, a ileng a se senolelwa mabapa le Juda le Jerusalema: Sesotho 1909/1961 (SO) Taba eo Esaia, mora Amotse, a e senoletsweng bakeng sa Juda le Jerusalema: |
Yaba o roma Eliakime, eo e neng e le mookamedi wa lelapa la hae, le Shebena, eo e neng e le mongodi. Le baprista ba baholo, ba apere tse mahwashe. A ba roma ho moporofeta Esaya, mora wa Amose.
Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.
Tsena ke dipolelo tsa Amose, e mong wa badisa ba dinku ba Tekowa. Ke dipolelo tseo a ileng a di senolelwa mabapa le Iseraele. E ne e le mehleng ya puso ya Usiya, kgosi ya Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, e le ha ho setse dilemo tse pedi tshisinyeho ya lefatshe e eba teng.
Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema.
Mohla matsatsi a ho qetela, thaba eo Tempele ya Morena e hahilweng hodima yona, e tla phahamela dithaba tsohle, e phahamele le maralla wohle, ditjhaba tsohle di phallele ho yona.
Ya bohlale o tshaba lebitso la Morena. Morena o ipiletsa ho motse, o re: “Lona tjhaba se phuthehileng, se phuthehetseng mona, mamelang!