Morena o ne a ile a bona hore Baiseraele ba matshwenyehong a maholo, hobane ho ne ho se le ya mong wa bona ya neng a setse, ebang ke lekgoba, kapa hase lekgoba, mme ho ne ho se mang wee! ya ba thusang.
Hosea 8:10 - BIBELE Le hoja ba ithekisitse, ba ithekisitse ho baditjhaba, nna ke tla ba phutha, ke ba bokelle. Ba tla qala ho fella dikobong, ha ba hatellwa ke kgosi ya Asiria. Sesotho 1909/1961 (SO) Leha ba romela dineo hara ditjhaba, ke tla ba bokella teng, ba qale ho fokola ke ho imelwa ke morena wa marena a mang. |
Morena o ne a ile a bona hore Baiseraele ba matshwenyehong a maholo, hobane ho ne ho se le ya mong wa bona ya neng a setse, ebang ke lekgoba, kapa hase lekgoba, mme ho ne ho se mang wee! ya ba thusang.
A futuhelwa ke Salemanesere, kgosi ya Asiria, Hoshea ya eba mohlanka wa hae, mme a mo ntshetsa lekgetho.
Kgosi ya Asiria ya hlokomela hore Hoshea o se a e fetohetse, hobane o ne a ile a romela maqosa ho So, kgosi ya Egepeta, a bile a se a sa ntshe le lekgetho jwalokaha a ne a ntse a etsa ka selemo le selemo. Ka lebaka lena, kgosi ya Asiria ya mo tshwara, ya mo kwalla tjhankaneng.
Ka baka leo, Modimo wa Iseraele a hlohleletsa Pule, kgosi ya Asiria, e leng Tigelate-Pilesere, hore a thope ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le halofo ya setjhaba sa ba morabe wa Manase, a ba ise Hala, le Habore, le Hara, le nokeng ya Gosane, moo ba ntseng ba ahile teng le kajeno-ya-bokajeno.
Le theohela Egepeta le sa ntherisa, tshireletso le yo e batla ho Faro, le tshabele moriting wa Egepeta.
Yaba molaodi wa ntwa o a ema, o howeletsa haholo ka puo ya Seheberu, o re: “Mamelang polelo ya kgosi e kgolo, kgosi ya Asiria!
ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata.
Mosadi wa seotswa o newa tjhelete, empa wena o fana ka dimpho ho baratuwa bohle ba hao, o ba reka hore ba tle ho wena ba etswa hohle, ho tla feba le wena.
ka baka leo, ke tla phutha baratuwa ba hao bohle, bao o neng o ithabisa le bona; bohle bao o neng o ba rata, le bohle bao o neng o ba hloile. Ke tla ba bokella, ba o etsetse sakana-la-nkope, ke ba pepesetse bofeela ba hao, hore ba o bonele.
Jwalokaha batho ba bokella silefera, le lethose, le tshepe, le loto, le lekapakapa ka seboping ho di qhibidisa ka mollo, le nna ke tla le kgobokanya kahara motse ke halefile, kgalefo ya ka e tlokoma, ke le tlohele hona teng, le qhibidihe.
“Ohola o hlile a ineella bootswa e sa le wa ka; a tjhatjhehela baratuwa ba hae, e leng Baasiria ba ahelaneng le yena.
Morena Modimo o bua tjena: “Ke tla tlisa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, kgosi ya dikgosi, a etswa leboya, a tlo futuhela Tire ka dipere le ka dikariki tsa ntwa, ka bapalami ba dipere le ka lebotho le leholo.
Wena kgosi, o kgosi ya dikgosi, hobane Modimo ya lehodimong o o neile mmuso le bolaodi le matla le tlotla.
Ke tla futuhela bafetohedi, ke ba kgahlole, ke ba kgobokanyetse mabotho a baditjhaba, ke ba otlele dibe tsa bona, dibe tse ngatangata.
Morena o na le qoso e tobaneng le Juda, o tla otla Jakobo, a mo otlele boitshwaro ba hae, a mmuseletse ho ya ka diketso tsa hae.
“Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Haufinyane ke tla boela ke reketlisa mahodimo le lefatshe, le mawatle le mobu o sebataolo.