Jeremia 42:2 - BIBELE2 ba re ho moporofeta Jeremia: “Re a o kopa: Ako mamele thapedi ya rona o re rapelle ho Morena Modimo wa rona, o rapelle le masalla ana wohle, hobane jwalokaha o bona, re se re setse re se bakae, ha pele re ne re le bangata. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)2 ba re ho moporofeta Jeremia: Amohela thapelo ya rona, o re rapelle ho Jehova, Modimo wa hao, bakeng sa masala ana kaofela, hobane leha re ne re le bangata, re setse re se re se bakae, kamoo mahlo a hao a re bonang kateng, Ver Capítulo |
Yaba Johanane, mora wa Karea, o bua le Gedaleya ka lekunutu, a le motseng wa Misepa, o re: “Ntumelle ke yo bolaya Ishemaele, mora wa Netaniya, mme ha ho motho le ya mong ya tla tseba taba ena. Ke hobaneng ha a rata ho o bolaya, hore Bajuda bohle ba tlileng ho wena ba tle ba qhalane, le hore masalla wohle a Juda a bolawe?”