Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 2:6 - BIBELE

6 “Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Haufinyane ke tla boela ke reketlisa mahodimo le lefatshe, le mawatle le mobu o sebataolo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng.

Ver Capítulo Copiar




Haggai 2:6
25 Referencias Cruzadas  

O sisinya lefatshe madulong a lona, ditshiya tsa lona di be di reketle.


Makaqabetsing a ka ka ipiletsa ho Morena, ka llela Modimo wa ka hore a nthuse; a utlwa lentswe la ka a le ka tempeleng ya hae, sello sa ka sa fihla tsebeng tsa hae.


Ho se ho se hokae: Ya kgopo o tla be a nyametse; leha o tadima tulong tsa hae, o tla be a le siyo.


Haufinyane ho le halefela ha ka ho tla fela, kgalefo ya ka e tobane le ho timetswa ha bona.”


Ke tla etsa hore mahodimo a thothomele, fatshe le be le suthe madulong a lona, tsena di tla bakwa ke kgalefo ya Morena wa mabotho, mohla tsatsi la bohale bo tlokomang ba hae.


Batho ba tla balehela mahaheng, ba balehele katlasa mafika, ba kene mekoting e tjhekilweng fatshe, ka baka la ho tshaba Morena le kganya ya botletlehi ba hae, ha a phahama ho tshosa lefatshe.


Haufinyane, Lebanone e tla fetoha masimo a kgwiti, kgwiti eo e fetohe moru o teteaneng.


Naledi tsohle tsa lehodimo di tla nyamela, mahodimo a phuthwe sa ha ho phuthuwa lengolo; naledi tsohle di tla wela fatshe, di we sa mahaba a morara, sa mahaba a omeletse, sa feiye ha e hlohloreha sefateng.


“Bonang, matsatsi a a tla, ao ka wona ke tla phethahatsa ditshepiso tse molemo, tseo ke di etseditseng ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda,” ho rialo Morena.


Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Morwetsana Babilona, o tshwana le seotlo, ka nako eo ho polwang ka yona, nako ya hore a kotulwe e haufi.”


Ka baka la poulelo ya ka ke hlapanya ke halefile haholo, ke re mohlang oo tshisinyeho e kgolo ya lefatshe e tla ba teng naheng ya Iseraele.


Ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, le dihahabi tsohle, le batho bohle ba lefatsheng, tsena tsohle di tla thothomela kapele ho nna. Dithaba di tla bothalatswa, mafika a thetehe, le marako wohle a helehe.


Morena o tla puruma a le Sione, a thwathwaretse a le Jerusalema, mahodimo le lefatshe di reketle. Morena ke setshabelo sa tjhaba sa hae, ke qhobosheane ya tjhaba sa Iseraele.


Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo tlase, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi.


hobane kamora nakwana: “Ya tshwanetseng ho tla o tla tla, a ke ke a dieha.


Batho ba ditjhaba tsohle, le ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba mefuta yohle, ba tla tadima ditopo tsa tsona ka matsatsi a mararo le halofo, mme ba ke ke ba dumela hore ditopo tseo di epelwe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos