Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Haggai 2:5 - BIBELE

5 ‘Jwalokaha ke ne ke le tshepise mohla le tswang Egepeta, ke ntse ke ena le lona ka moya, le se tshabe letho.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 lentswe la selekane seo ke se hlabileng le lona, mohla le tswileng Egepeta, le moya wa ka, di eme hara lona. Se tshoheng!

Ver Capítulo Copiar




Haggai 2:5
26 Referencias Cruzadas  

Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”


Wa ba romela Moya wa hao o molemo ho ba ruta, wa se ke wa ba tima manna a hao, wa ba fa metsi ho tlosa lenyora.


Ka dilemolemo wa ba mamella, wa iphapanya, wa ba kgalema ka baporofeta ba hao, ka baporofeta ba susumetswa ke Moya wa hao, empa tsebe tsa bona tsa se ke tsa sekeha, yaba o neelana ka bona ho baahi ba naha tseo.


‘Le bone tseo ke di entseng Egepeta, le kamoo ke ileng ka le pepa kateng ka mapheo a ntsu, ka le tlisa ho nna.


Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”


Moshe a tla, a bolella setjhaba mantswe wohle a Morena, le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa arabela se le ntsweleng, sa re: “Re tla phetha dipolelo tsohle tse boletsweng ke Morena.”


Yaba o nka madi, o foka setjhaba ka wona, o re: “Ana ke madi a selekane seo Morena a se entseng le lona, ho ya ka mantswe ana wohle.”


Morena a re: “Bona, ke etsa selekane. Mahlong a setjhaba sohle sa heno, ke tla etsa dimakatso tse esong ho etswe lefatsheng lohle, le hara ditjhaba tsohle. Setjhaba sohle seo o phelang hara sona se tla bona mosebetsi wa Morena, hobane seo ke leng lekgatheng la ho se etsa ka wena se a tshabeha.


Moshe a inamela fatshe ka potlako, a kgumamela Morena.


O se ke wa tshaba, hobane ke na le wena, o se tsielehe, hobane ke Modimo wa hao. Ke tla o matlafatsa, ke be ke o thuse, ke o tshehetse ka tsoho la ka le letona, ka tsoho le letona le etsang ho loka.


hoba ke nna Morena, Morena Modimo wa hao, ya utlang tsoho la hao le letona, ya reng: ‘Se tshabe, nna ke tla o thusa.’


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Lona ba ntlo ya Juda le ba ntlo ya Iseraele, le bile sesupo sa thohako ho ditjhaba tsohle; jwale ke tla le pholosa, le tle le be sesupo sa tlhohonolofatso. Betang dipelo! Se tshabeng letho!”


“kajeno ke rerile ho etsetsa Jerusalema le Juda molemo. Se tshabeng letho!


Lengeloi la re ho basadi: “Lona le se ke la tshoha; ke a tseba hore le batla Jesu ya thakgisitsweng.


la re: ‘Paulosi, o se ke wa tshaba; o loketse ho ya hlaha kapele ho Sesare, mme ka baka la hao, Modimo o tla pholosa bohle ba tsamayang le wena ka sekepe.’


Ke se ke o laetse: Tsoha molota, o be sebete! O se ke wa tshaba, kapa wa nyahama pelo, hobane Morena Modimo wa hao, o na le wena hohle moo o yang teng.”


Morena a re ho Joshua: “Se tshabe, mme o se ke wa nyahama pelo. Nka bahlabani bohle, o ye motseng wa Ai. Bona, ke neelane ka kgosi ya Ai matsohong a hao, yena le setjhaba sa hae, le motse wa hae, le naha ya hae.


Eare ha ke mmona, ka wela maotong a hae jwalokaha eka ke shwele. Yaba yena o bea letsoho la hae le letona hodima ka, o re: “Se tshabe, ke nna Wa Pele le Wa ho Qetela,


Samuele a re ho setjhaba: “Le se ke la tshaba. Ruri, lona bohle, le entse bobe bona bohle. Empa le se ke la furalla Morena; le sebeletse Morena ka dipelo tsa lona tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos