Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ”
Hosea 13:4 - BIBELE Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna. Sesotho 1909/1961 (SO) Athe nna ke Jehova Modimo wa hao, haesa le o etswa lefatsheng la Egepeta; kantle ho nna, ha o tsebe Modimo o mong, le Mopholosi ha a yo, haese nna. |
Ke modimo ofe, hara medimo ya dinaha tsee, o kileng wa lopolla naha ya oona matsohong a ka, hoo jwale le hopolang hore Morena o tla lopolla Jerusalema matsohong a ka?’ ”
Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.
Nna ke buile le baporofeta, ka ba hlahisetsa dipono, pono tse ngatangata, ka bua le bona ka ho etsa dipapiso.”
Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o ne o le naheng ya Egepeta; ke tla etsa hore o boele o phele ditenteng, o phele teng sa mohla mekete e halalelang.
Moo teng ke tla mmuseletsa, ke mmuseletse dirapa tsa morara, kgohlo ya Akore ke e etse monyako wa tshepo. Teng o tla tsanyaola, a tsanyaole sa botjheng ba hae, sa mohla a neng a nyoloha Egepeta.
“Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.”