Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 43:3 - BIBELE

3 Ke nna Morena Modimo wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele, Mopholosi wa hao; ke fana ka Egepeta hore ke o lopolle, ke fana ka Kushe le Seba bakeng sa hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ke nna Jehova, Modimo wa hao, Mohalaledi wa Iseraele, Molopolli wa hao; ke ntshitse Egepeta, hore e be topollo ya hao, ke ntshitse le Ethiopia le Seba bakeng sa hao.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 43:3
29 Referencias Cruzadas  

Bana ke bara ba Kushe: Seba, le Hafila, le Sabeta, le Rama, le Sabeteka, mme bara ba Rama ke Sheba le Dedane.


Dikgosi tsa Tarashishe le tsa dihlekehleke di ke di mo nyehelle, dikgosi tsa Sheba le tsa Seba di mo tlisetse dithelo.


Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?”


“Ke nna Morena Modimo wa hao, ya o ntshitseng naheng ya Egepeta, moo o neng o le lekgoba teng.


Ya lokileng o pholoswa tsietseng ya hae, ebe ya kgopo yena o wela ho yona.


Ya kgopo o rekiswa bakeng sa ya lokileng, ya sa tshepahaleng yena bakeng sa ya kgabane.


Tsena e tla ba pontsho le bopaki ho Morena wa mabotho naheng ya Egepeta. Etlare ha ba ipiletsa ho Morena ka baka la bahatelli ba bona, a romele mopholosi ho ba sireletsa le ho ba lopolla.


Yaba Morena o re: “Jwalokaha Esaya, mohlanka wa ka, a ile a tsamaya ka dilemo tse tharo a hlobotse, a sa rwala letho maotong, hoo e le pontsho le sesupo se etsetswang Egepeta le Kushe;


Suthang tseleng, le kgelohele kathoko, le kgaotse ho re bolella tsa Ya Halalelang wa Iseraele!”


“O se ke wa tshaba, wena Jakobo, sebokonyana, wena Iseraele wa motwantwanyane; ke nna ya tla o thusa,” ho rialo Morena, Molopolli wa hao, Ya Halalelang wa Iseraele.


“Ke nna Morena, lena ke lona lebitso la ka! Nke ke be ka nea e mong tlotla ya ka, kapa medimo ya bohata tlotliso ya ka.


“Nna, nna ke inotshi, ke Morena, kantle ho nna ha ho Mopholosi.


Morena o bua tjena: “Matlotlo a Egepeta le thepa ya kgwebo ya Kushe, le banna ba diqhobane ba naha ya Sheba, ba tla ineela ho wena e be ba hao; ba hulane kamora hao ba tlanngwe ka mahlaahlela. Ba tla o obamela, ba o rapele, ba re: ‘Ruri Modimo o na le wena, ha ho Modimo e mong ntle ho yena.’ ”


Ruri o Modimo ya ipatileng, wena Mopholosi, Modimo wa Iseraele.


Atamelang le bolele taba tsa lona, tlisang medimo ya lona e eletsane. Ke mang ya boletseng see e sa le kgale? Ke mang ya se phatlaladitseng mehleng e fetileng? Na e ne e se nna Morena? Ha ho modimo e mong kantle ho nna, Modimo ya lokileng le Mopholosi; ha ho e mong haese nna feela.


Bahatelli ba hao ke tla ba fepa nama ya bona, ba tahwe ke madi a bona sa veine e ntjha. Batho bohle ba tla tseba hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao le Molopolli wa hao, yena Ya Matla wa Jakobo.”


O tla anya lebese la baditjhaba, o anye matswele a dikgosi tsa bona, o tsebe hore nna Morena, ke Mopholosi wa hao, Molopolli wa hao, Ya Matla wa Jakobo.


“Ruri ke tjhaba sa ka,” ho rialo Morena, “bana ba ka ba ke keng ba bua leshano;” kahoo ya eba yena Mopholosi, Mopholosi wa bona,


Oho, wena tshepo ya Iseraele, Mopholosi wa yona ka nako ya ditsietsi, ke hobaneng o kang moeti naheng ee, o kang motsamai ya fapohelang ho robaletsa?


“Ke ka baka lena ke tla ba ruta, ke ba rute hape la ho qetela, ke ba rute matla a ka le bonatla ba ka, mme ba tla tseba hore nna ke bitswa Morena.”


“ ‘Ke tla etsa hore lebitso la ka le halalelang le tsejwe hara setjhaba sa ka sa Iseraele. Ha nka ke ka hlola ke dumela hore lebitso la ka le halalelang le silafatswe, mme baditjhaba ba tla tseba hore nna ke Morena ya halalelang wa Iseraele.


Empa Morena o re: “Ke nna Morena Modimo wa hao, ho tloha ha o le naheng, naheng ya Egepeta. Ha o a ka wa ba le Modimo e mong kantle ho nna, hobane ha ho Mopholosi e mong kantle ho nna.


Ke nna Morena, Modimo wa lona; ka baka leo, le ikgalaletse, mme le tla halalela. Kahoo le se ke la itshilafatsa ka eng le eng e hahabang hodima lefatshe.


“Na lona Baiseraele, ho nna ha le ke Bakushe?” ho rialo Morena. “Na hase nna ya ileng a le ntsha naheng ya Egepeta, Bafilesita le bona ka ba ntsha Kafatore, Baarame bona ka ba ntsha naheng ya Kire?


Wena Moradi wa Sione nyakalla haholo! Wena Moradi wa Jerusalema etsa ditlatse! Bona! Kgosi ya hao e tla ho wena; e lokile, e tlisa topollo, e ikokobeditse, e palame tonki, e palame petsana ya tonki.


ho Modimo ya inotshi, Mopholosi wa rona ka Jesu Kreste, Morena wa rona, e be tlotla, le boholo, le matla, le borena, tseo a bileng le tsona pele ho dinako, le jwale, le kamehla yohle. A ho be jwalo!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos