La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Genese 2:5 - BIBELE

ho ne ho eso be le dimela dife kapa dife lefatsheng; ho eso mele ditlama dife kapa dife tsa naha, hobane Morena Modimo o ne a eso nese pula lefatsheng, mme ho bile ho se na le motho ya ka lemang mobu.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

dimela tsohle tsa naha di ne di eso ho be lefatsheng, le jwang bohle ba naha bo ne bo eso ho mele, hobane Jehova Modimo o ne a eso ho nese pula lefatsheng, mme ho bo ho se motho ya lemang lefatshe;

Ver Capítulo



Genese 2:5
15 Referencias Cruzadas  

Empa ha nyoloha mohodi lefatsheng, wa kolobisa mobu wohle lefatsheng.


Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.


Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”


A boela a tswala Abele, moena Kaine. Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi.


Lefatshe o le nesetsa pula, pula ya ditlwebelele, metsi a phutsalle, a tlale dithota kahohle;


O medisetsa diphoofolo jwang, o di medisetsa le dimela hore di sebediswe ke motho, a tle a fumane dijo tsa hae mobung,


Ke yena ya nyollang maru, a a nyolle dipheletsong tsa lefatshe, ya nesang pula ka mahadima, ya bulelang difefo moo a di kwaletseng teng.


Ka matla a hae Modimo o entse lefatshe, ka bohlale ba hae a le tsitsisa tulong tsa lona, ka kelello ya hae a ala le mahodimo.


Ha a thwathwaretsa metsi a lehodimo a a hwasa, o nyolla maru pheletsong tsa lefatshe, ha pula e ena o tsekemisa lehadima, a bulele difefo, di tswe moo di kwaletsweng.


Hara medingwana ya mafeela, medingwana ya baditjhaba, na o teng o ka tsebang ho nesa pula? Na lehodimo le theola mafafatsane ka bolona? Na hase wena Morena, Modimo wa rona? Ka baka leo, rona re tshepile wena, hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”


hore le be bana ba Ntata lona ya mahodimong, hobane o tjhabisetsa ba kgopo le ba molemo letsatsi la hae, mme o nesetsa ba lokileng le ba sa lokang pula.


Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo.