Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 6:7 - BIBELE

7 Tshimo e montseng pula e atisang ho e nela, e medisetsang ba e lemang tse molemo, e hlohonolofatswa ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Hobane haele lefatshe le inwellang metsi a dipula tse le nelang hangata, le medisetsang bao le lemelwang bona meroho e molemo, lefatshe le jwalo le ye le fuwe lehlohonolo ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

7 Hobane lefatshe le nwang pula e le nelang hangata, le medisetsang bao le lengwang dimela tse loketseng, le tla hlohonolofatswa ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Hobane lefatshe le nwang pula e le nelang hangata, le medisetsang bao le lengwang dimela tse loketseng, le tla hlohonolofatswa ke Modimo.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 6:7
17 Referencias Cruzadas  

Modimo a re: “Lefatshe le medise jwang, le ditlama tse nang le peo, le difate tse behang ditholwana tse nang le peo ka mefuta ya yona, lefatsheng.” Ha fela ha eba jwalo.


Yaba o a atamela, o a mo aka; Isaka a utlwa monko wa diaparo tsa hae, mme a mo hlohonolofatsa, a re: “Bona, monko wa mora wa ka o jwaloka monko wa tshimo, tshimo eo Morena a e hlohonolofaditseng!


Ya tsamayang a lla, a nkile peo e tla jalwa, o tla kgutla ka ditlatse, a nkile mangata a hae.


O tla fumana lehlohonolo ho Morena, le ho loka ho Modimo, mopholosi wa hae.


“Ke tla nesetsa pula naheng e omeletseng, ke phallise melatswana mobung o omeletseng; ke tla theolela Moya wa ka hodima ditloholo tsa hao, ke theolele mahlohonolo a ka hodima tsona.


“Ke tla di hlohonolofatsa, ke hlohonolofatse le dibaka tse potapotileng leralla la ka. Ke tla nesa dipula ka nako ya tsona, e be dipula tsa mahlohonolo.


Motho ka mong a kgathe thite ya hae, a itjalle ho loka ho tswalang lerato, a kotule molemo o tswalwang ke botshepehi. Nako e fihlile ya ho batla Morena, ya ho mmatla ho fihlela a etla, a le nesetsa pula ya mahlohonolo.


ka selemo sa botshelela ke tla le hlohonolofatsa, mme le tla tjhaya dijo tse lekaneng dilemo tse tharo.


Dinthong tsohle tsa lona tlisang karolo e le nngwe ho tse leshome, e le hore dijo di tle di be teng ka Tempeleng ya ka. E, le ke le nteke jwalo,” ho rialo Morena wa mabotho, “le tle le bone hore na nke ke ka le bulela mehlodi ya didiba tsa lehodimo, ka le tshollela mahlohonolo a mangatangata.


hobane mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, mme ya kokotang o a bulelwa.


Sehwai ke sona se lokelang ho shwama pele.


Bana beso, mamellang ho fihlela Morena a kgutla. Bonang kamoo molemi a emelang ho fumana kotulo e ntle tshimong ya hae kateng. O lebella ka mamello ho fihlela ho ena pula ya selemo le ya hwetla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos