Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 3:23 - BIBELE

23 Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Jehova Modimo a mo leleka tshimong ya Edene, a tle a ye ho lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:23
10 Referencias Cruzadas  

ho ne ho eso be le dimela dife kapa dife lefatsheng; ho eso mele ditlama dife kapa dife tsa naha, hobane Morena Modimo o ne a eso nese pula lefatsheng, mme ho bile ho se na le motho ya ka lemang mobu.


Morena Modimo a bopa motho ka lerole le tswang mobung; ka dinkong tsa hae a budulela moya wa bophelo, mme motho ya eba sebopuwa se phelang.


Yaba Modimo o lema serapa, Edene, ka nqa botjhabela, mme ho sona a bea motho eo a mmopileng.


O tla ja bohobe ka mofufutso wa phatla ya hao, ho fihlela o boela mobung, hobane o ntshitswe mobung, o lerole, mme o tla boela leroleng!”


Morena Modimo a re: “Bonang, motho o se a tshwana le e mong wa rona, ka ho tseba botle le bobe! Jwale a se tshohe a otlolla letsoho la hae, a kgola le sona sefate sa bophelo, a eja, mme a phela kamehla yohle!”


A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.


Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”


A boela a tswala Abele, moena Kaine. Abele e ne e le modisa wa dinku, athe Kaine yena e ne e le molemi.


Nowe e ne e le molemi; ya eba yena wa ho qala ho lema morara.


Se molemo ho setjhaba sohle ke kgosi e thahasellang temo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos