Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 3:24 - BIBELE

24 A leleka motho. Ka botjhabela ho serapa sa Edene a bea dikerubime, le sabole e tukang malakabe, e tsokotsehelang ka nqa tsohle, ho lebela tsela e yang sefateng sa bophelo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 A leleka motho, mme a bea dikerubime ka nqa botjhabela ho tshimo ya Edene, tse nang le lerumo le benyang le omang ka nqa tsohle, ho thiba tsela ya sefate sa bophelo.

Ver Capítulo Copiar




Genese 3:24
20 Referencias Cruzadas  

Yaba Morena Modimo o mo ntsha serapeng sa Edene, hore a yo lema mobu oo a ntshitsweng ho wona.


Adama a kena dikobong tsa mosadi wa hae, Eva; mosadi a ithwala, a tswala Kaine. Yaba Eva o re: “Ke fumane monna ka thuso ya Morena.”


Bona, kajeno o ntelekile naheng ena, mme nke ke ka hlola ke bona sefahleho sa hao. Ke tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng, mme ho tla etsahala hore ya mponang a mpolaye.”


Meya o e entse baromuwa ba hao, mollo wa lehadima mosebeletsi wa hao.


Pesalema ya Asafo, ya bopaki. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mehaladitwe”.


Morena ke kgosi, ditjhaba di a thothomela; o dutse hodima dikerubime, lefatshe le a reketla.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang.


Ka tadima, mme ka bona ho kang terone e entsweng ka lejwe la bohlokwa la safire, ho le kahodimo ho loapi le neng le okametse dihlooho tsa dikerubime.


ke ile ka e leleka, ka neelana ka yona matsohong a eo e leng senatla hara baditjhaba; yena o tla etsa seo a se ratang ka kedare eo ho ya ka bokgopo ba yona.


Ha tonki e bona lengeloi la Morena le eme ka tseleng, le tshwere sabole ka letsohong la lona, tonki ya kgeloha tsela, ya hlahlathela. Empa Bileame a e shapa ho e kgutlisetsa tseleng.


Jesu a re ho yena: “Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho ya ka tlang ho Ntate haese ka nna.


Ha e le ka mangeloi ho itswe: “O etsa mangeloi a hae meya, le basebeletsi ba hae malakabe a mollo.”


Yare ha Joshua a le Jeriko a phahamisa mahlo, a tadima, mme a bona monna ya emeng kapele ho yena, a tshwere sabole. Joshua a ya ho yena, mme a re ho yena: “O wa habo rona, kapa o wa direng?”


Setjhaba sa romela maqosa Shilo, a tla le areka ya selekane sa Morena wa mabotho, ya dutseng hodima dikerubime. Bara ba babedi ba Eli, e leng Hofeni le Finease, ba tla le areka ya selekane sa Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos