Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome.
Filemone 1:10 - BIBELE Ke ipeletsa ho wena malebana le ngwana wa ka, Onesimose eo ke mo tswaletseng ditlamong tsa ka; Sesotho 1909/1961 (SO) ke rapella ho wena Onesima, ngwanaka, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong, Baasraak Sotho NT Ke o rapela bakeng sa mora wa ka Onesimase, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong tsa ka. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke o rapela bakeng sa mora wa ka Onesimase, eo ke mo tswetseng ke le ditlamong tsa ka. |
Kgosi ya laela Joabe, le Abishai, le Itai, ya re: “Le mpaballele mohlankana Abosalome.” Bahlabani bohle ba utlwa ha kgosi e laela balaodi malebana le Abosalome.
E mong wa ba letshwele a mo araba, a re: “Moruti, ke tlisitse mora wa ka ya nang le moya o semumu ho wena.
Bana beso, ka baka la mohau wa Modimo, ke a le rapela hore le ineele Modimo, le le sehlabelo se phelang, se halalelang, se mo kgahlisang, e leng tshebeletso ya lona e tshwanelehang.
Ha ke le ngolle tsena ho le hlabisa dihlong, empa ke le ngolla ho le laya le le bana ba ka ba ratehang.
Leha le ka ba le bahlokomedi ba diketekete ba le rutileng tsa Kreste, empa le na le ntate a le mong. Ho Kreste Jesu, ke nna ya le tswetseng ka molaetsa o molemo.
Bana ba ka, ke boela ke le utlwela bohloko bo kang ba pelehi, ho fihlela Kreste a bopeha ka ho lona.
O tsamaya le Onesimose, ngwanabo rona ya tshepahalang, ya ratehang, eo e leng mohahabo lona. Ba tla le tsebisa tsohle tsa kwano.
ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.
Ke a o dumedisa Tite, ngwanaka wa sebele tumelong, eo rona le wena re nang le yona, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Mopholosi wa rona, di ke di be le wena.
yena eo pele e neng a se na thuso ho wena, empa jwale ya nang le thuso ho rona ba babedi.
Ke lakatsa ho mmoloka kwano, hore ha ke ntse ke le ditlamong ka baka la molaetsa o molemo, a tle a ntshebeletse bakeng sa hao.