La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 8:4 - BIBELE

Dihohwana di tla tlolela hodima hao, le hodima setjhaba sa hao, le hodima bahlanka ba hao bohle.’ ”

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Dihohwana di tla o hlwellela hodimo, wena le setjhaba sa hao, le bahlanka ba hao kaofela.

Ver Capítulo



Eksoda 8:4
13 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya re ho moporofeta wa Modimo: “Ako rapele Morena Modimo wa hao, o nthapelle hore letsoho la ka le fole.” Moporofeta enwa wa Modimo a rapela Morena, mme letsoho la kgosi la fola, la eba jwaloka pele.


A theolela nyediso ho mahosana, a a sollisa lehwatateng moo ho seng tsela.


Jwale ke a le kopa: a le ke le ntshwarele sebe sena sa ka lekgetlo lena feela, mme le rapele Morena Modimo wa lona, hore a mpe a tlose lefu lena ho nna.”


Morena a etsa jwalo; ha fihla boiyane ba diboba ka tlung ya Faro, le ka tlung ya bahlanka ba hae, le naheng yohle ya Egepeta, mme naha ya senyeha ke diboba.


Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.


Jwale Morena a re ho Moshe: “Ere ho Arone: ‘Tshwara molamu, o otlollele letsoho la hao hodima dinoka, le hodima matsha, o ntshe dihohwana, di tlale naha ya Egepeta.’ ”


Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”


Mahosana a Sowane ke dithoto, keletso tsa bahlalefi ba Faro ke tsa bothoto; ba ka rialo jwang ho Faro, ba re: “Re bara ba ba bohlale, tloholo tsa kgosi tsa boholoholo?”


Morena o tla otla Baegepeta; o tla ba otla, a be a ba fodise, mme ba sokolohele ho yena. Yena o tla utlwa thapelo tsa bona, a ba fodise.


Ke Morena wa mabotho ya rerileng hona, ho fedisa boikgantsho ba bohle ba tlotlwang, ho kokobetsa bohle ba tummeng lefatsheng.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


Setjhaba sa tla ho Moshe, sa re: “Re entse sebe, hobane re lwantshitse Morena, le wena re o lwantshitse. Ako rapele Morena hore a tlose dinoha tsena hara rona.” Moshe a rapella setjhaba.