Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:3 - BIBELE

3 Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Noka e tla nyekenyeha dihohwana; di tla nyoloha, di kene ka tlung ya hao, le ka taong tsa malao a hao, ho fihlela le malaong a hao, le ka matlung a bahlanka ba hao le a setjhaba sa hao, le diontong tsa hao le merifing ya hao eo ho dubelwang bohobe ho yona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:3
8 Referencias Cruzadas  

Empa Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pata hammoho le mohodisi wa hae kamoo ho bolokwang diphate kateng. Kahoo Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, mohatsa moprista Jehoyada, a mo patela Ataleya, mme Ataleya a se ke a mmolaya.


Naha ya bona ya nyeunya dihohwana, esita le ka matlung a dikgosi tsa bona.


Di tla tlala ka matlung a hao, le ka matlung wohle a bahlanka ba hao, le ka matlung wohle a Baegepeta. Bo-ntatao le bo-ntataomoholo ha ba eso bone tse kaalo, haesale ba eba teng lefatsheng, ho fihlela letsatsi lena.’ ” Yaba Moshe o a reteleha, o tloha ho Faro.


Baiseraele ba nka hlama ya bona e eso lomoswe, le dijana tsa bona tse dubelang, ba di phutha ka diaparo tsa bona, ba di jara mahetleng a bona.


Jwale Faro le yena a bitsa banna ba bohlale le dingaka, mme ka malepa a tsona dingaka tsa Egepeta le tsona tsa etsa jwalo.


Dihohwana di tla tloha ho wena, le matlung a hao, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, di sale ka nokeng feela.”


Haeba o hana ho se lokolla, bona, ke tla otla naha yohle ka dihohwana.


Dihohwana di tla tlolela hodima hao, le hodima setjhaba sa hao, le hodima bahlanka ba hao bohle.’ ”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos