La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 7:2 - BIBELE

O tla bua tsohle tseo ke o laelang tsona. Moholwane wa hao Arone o tla bolella Faro, hore a lokolle bana ba Iseraele, ba tswe naheng ya hae.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

O tla pheta tsohle tseo ke o laelang tsona, mme Aarone, moholwane wa hao, o tla bolella Faro, a tle a lesele bana ba Iseraele ba tswe lefatsheng la hae.

Ver Capítulo



Eksoda 7:2
13 Referencias Cruzadas  

Empa Mmikiya a re: “Ka Morena ya phelang, ke tla bua feela tseo Morena a mpolellang tsona!”


O tla bua le yena, o mo rute seo a tla se bua; nna ke tla le thusa hore le bue hantle, mme ke le rute seo le tla se etsa.


O tla o buella ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, wena o be jwaloka Modimo ho yena.


Kamora tsena Moshe le Arone ba ya ho Faro, ba re ho yena: “Morena, Modimo wa Iseraele, o re: ‘Lokolla setjhaba sa ka, se tle se yo nketsetsa mokete lehwatateng.’ ”


Morena o ne a re ho Moshe: “Ke nna Morena! Bolella Faro, kgosi ya Egepeta, tsohle tseo ke tla di bua ho wena.”


Moshe le Arone ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Ba fela ba etsa jwalo.


“Ka baka leo, wena itlame letheka, o eme, o bue le tjhaba seo, o se bolelle tsohle tseo ke o laelang tsona. O se ke wa tshaba ha o se bona, esere ka o tshosa o le kapela sona.


Empa Morena a re ho nna: “Se ke wa re: ‘Ke sa le ngwana,’ hobane o tla ya ho bohle bao ke tla o roma ho bona, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona.


Modimo a tswela pele, a re ho nna: “Wena ngwana motho, mamela ka hloko, mme mantswe wohle a ka a kene pelong ya hao.


“Wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele, ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang molomong wa ka, o ba nee keletso ya ka.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


hobane ha ke a ka ka tshaba letho, ke le phatlalleditse thato yohle ya Modimo.


Le se ke la eketsa letho ho tseo ke le laelang tsona, kapa la fokotsa letho ho tsona, e le hore le tle le boloke melao ya Morena Modimo wa lona, eo ke le laelang yona.