Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae.
Eksoda 7:10 - BIBELE Yaba Moshe le Arone ba ya ho Faro, mme ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng. Arone a akgela molamu wa hae kapele ho Faro, le kapele ho bahlanka ba hae, mme wa fetoha noha. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe le Aarone ba ya ho Faro, ba etsa kamoo Jehova a ba laetseng kateng; Aarone a lahlela lere la hae fatshe pela Faro le pela bahlanka ba hae, mme la fetoha noha. |
Ho wena Egepeta, o ile a romela dipontsho le dimakatso, ho Faro le ho bahlanka bohle ba hae.
Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.
Morena a re: “O akgele fatshe!” A o akgela fatshe, mme wa fetoha noha, Moshe a ba a e baleha.
Hosasane o tle o ye ho Faro. Bona, o tla be a eya nokeng; wena o tle o eme lebopong la noka, o teane le yena, ka letsohong la hao o nke molamu o ileng wa fetoha noha.
Moshe le Arone ba etsa jwalokaha Morena a ba laetse. Arone a phahamisa molamu, a otla metsi a ka nokeng Faro a ntse a tadimile, le bahlanka ba hae ba ntse ba tadimile, mme metsi wohle a ka nokeng a fetoha madi.
“Ha Faro a bua le lona, a re: ‘Ipakeng ka ho etsa mohlolo,’ wena o tla re ho Arone: ‘Nka molamu wa hao, o o akgele kapele ho Faro, o tle o fetohe noha.’ ”
Leha ba ka ipata tlhorong ya Karamele, ke tla ba tsoma, ke ba tshware hona moo. Leha ba ka ipatela nna ka mpeng ya lewatle, ke tla laela kganyapa e ba lomele hona moo.
ba tshware dinoha ka matsoho, mme leha ba ka nwa tjhefo efe kapa efe, e ke ke ya ba etsa letho; ba tla bea bakudi matsoho, mme ba tla fola.”
Bonang, ke le neile matla a ho hata dinoha le diphepheng, le a ho hlola matla wohle a sera, mme ha le ka ke la ntshuwa kotsi ke letho.