La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 5:10 - BIBELE

Bahlorisi ba setjhaba le baokamedi ba basebetsi ba tswa, ba ya bua le setjhaba, ba re: “Faro o buile tjena: ‘Ha ke sa tla hlola ke le nea seteroi!

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba bahlahlobi ba setjhaba le balaedi ba sona ba tswa, ba bolella setjhaba, ba re: Ho thwe ke Faro: Ha ke sa tla le nea setroi.

Ver Capítulo



Eksoda 5:10
7 Referencias Cruzadas  

Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.


Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.


Lona, ka bolona, tsamayang le yo ipatlela seteroi moo le ka se fumanang teng, empa mosebetsi wa lona ha o na ho fokotswa le hanyenyane feela’!”


Ka lona letsatsi leo Faro a laela bahlorisi ba setjhaba, le baokamedi ba basebetsi, a re:


Le belese banna ka mosebetsi o boima ho feta pele, ba tle ba sebetse wona feela, ba se ke ba mamela dipuo tsena tsa leshano.”


Ha mmusi a mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba kgopo.


Bona ke boporofeta malebana le dibatana tsa naha e ka Borwa: Naheng ya ditsietsi le ya mahlomola, naheng ya ditau le ditauhadi, ya bo-marabe le ya noha tse mahloko, tse tjhalametsang, maqosa a belesitse maruo a wona hodima ditonki, matlotlo a wona hodima dilota tsa dikamele, a a isetsa tjhaba sena se se nang thuso,