Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 5:6 - BIBELE

6 Ka lona letsatsi leo Faro a laela bahlorisi ba setjhaba, le baokamedi ba basebetsi, a re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jwale ka lona letsatsi leo, Faro a laela bahlahlobi ba setjhaba la balaedi ba sona, a re:

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 5:6
14 Referencias Cruzadas  

Hape Usiya o ne a ena le lebotho la bahlabani, le neng le futuha ka mekgahlelo, ho ya kamoo ba neng ba balwa kateng ke Jeiele, eo e neng e le mongodi, le ke Maasiya, eo e neng e le molaodi ya katlasa Hananiya, e mong wa baokamedi ba mabotho a kgosi.


Yaba ba se beela balebedi ho se sebedisa ka thata, hore ba se hlokofatse ka mesebetsi ya bona e boima. Baiseraele ba hahela Faro metse ya Pitome le Ramesese, eo ho bolokwang dijo ho yona.


Yaba Morena o re: “Ke bone matshwenyeho a setjhaba sa ka se Egepeta; ke utlwile le sello sa sona, se bakwang ke bahlorisi ba sona, mme ke tseba ditlhokofatso tsa sona.


Bahlorisi ba setjhaba le baokamedi ba basebetsi ba tswa, ba ya bua le setjhaba, ba re: “Faro o buile tjena: ‘Ha ke sa tla hlola ke le nea seteroi!


Baokamedi ba bana ba Iseraele ba iphumana ba le tsietsing, ha ho thwe: “Le ke ke la fokotsa palo ya ditene tsa letsatsi le leng le le leng le hanyenyane feela.”


“Le se hlole le nea batho bana seteroi sa ho etsa ditene, jwaloka pele; ba tla ipokellela sona ka bobona.


Ya lokileng o baballa phoofolo ya hae, mohau wa ya kgopo o kwetlile sehloho.


Morena a re ho Moshe: “Ntlisetse banna ba mashome a supileng, bao e leng baholo ba setjhaba sa Iseraele, bao o tsebang hore ke baholo le baokamedi ba setjhaba sa Iseraele. O ba tlise ka Tenteng ya Morena, ba eme teng hammoho le wena.


“Kahoo, merabeng ya lona, ke ile ka nka banna ba bohlale, ba tumileng, bao e leng dihlooho, ka ba etsa baokamedi ba lona: balaodi ba ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, le balaodi ba ba mashome a mahlano, le balaodi ba ba mashome, le bangodi ba merabe ya lona.


“Metseng yohle, eo Morena Modimo wa lona, a le neang yona, le kgethe baahlodi le baokamedi ka ho ya ka merabe ya lona. Ba ahlolele setjhaba ka toka.


Joshua a memela merabe yohle ya Iseraele, Shekeme. A bitsa baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsa bona, le baahlodi ba bona, le balaodi ba bona. Ba itlhahisa kapele ho Morena.


Isaka ka mo nea Jakobo le Esau; Esau ka mo nea naha e maralla ya Seire hore e be ya hae. Jakobo yena, le bana ba hae, a theohela Egepeta.


Baiseraele bohle, le baholo ba bona, le baokamedi ba bona, le baahlodi ba bona, le bajaki, le matswallwa a naha, ba ema ka mahlakoreng a mabedi a areka ya selekane, kapele ho baprista e leng Balevi, ba jarang areka ya selekane sa Morena. Karolo e nngwe ya setjhaba e ne e tadimile thabeng ya Gerisime, mme karolo e nngwe e tadimile thabeng ya Ebale, jwalokaha Moshe, mohlanka wa Morena, a ne a ba laetse ho etsa jwalo ha ba hlohonolofatsa setjhaba sa Iseraele e le lekgetlo la pele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos