O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.
Eksoda 3:5 - BIBELE Modimo a re ho yena: “O se ke wa atamela mona! Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela!” Sesotho 1909/1961 (SO) Wa re: O se ke wa atamela mona; rola meqathatso ya hao maotong a hao, hobane nqalo eo o emeng ho yona ke mobu o halalelang. |
O tle o beele setjhaba meedi e potapotang thaba, o re: ‘Hlokomelang le se ke la nyolohela thabeng, kapa la thetsa mosiko wa yona; ruri ya tla thetsa thaba o tla bolawa.
Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata.
Moshe a phetela Arone mantswe wohle ao Morena a a buileng ho yena, ha a mo roma, le mehlolo yohle eo a mo laetseng ho e etsa.
Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.
Kgosi ya bona e tla hlaha hara bona, kgosana ya bona e be e mong wa bona; ke tla e atametsa, e be haufi le nna. Ya tla ba le sebete sa ho nkatamela ke mang?” ho rialo Morena.
Moshe a re ho Arone: “Sena ke seo Morena a neng a se bolela, ha a re: ‘Ke tla bonahatsa ho halalela ha ka ho ba leng haufinyane le nna, mme ke tla tlotliswa kapele ho setjhaba sohle.’ ” Arone a kgutsa.
“Morena a re ho yena: ‘Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng ho sona se a halalela.
Morena Modimo wa hao, o tsamaya le wena hara diahelo ho o sireletsa, le ho neelana ka dira tsa hao matsohong a hao. Diahelo tsa hao eka kgona di halalele, esere Morena a bona ho hong hara lona ho silafetseng, mme a le furalla.”
Ba ne ba ke ke ba mamela taelo e reng: “Esita le phoofolo ha e ka thetsa thaba, e tla tlepetswa ka majwe.”
Molaodi wa lebotho la Morena a re ho Joshua: “Rola meqathatso ya hao, hobane sebaka seo o emeng hodima sona se a halalela.” Joshua a etsa jwalo.
Lentswe lena ra na ra le utlwa le etswa lehodimong, re ena le yena thabeng e halalelang.