Moeklesia 5:1 - BIBELE1 Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)1 Lebela maoto a hao ha o kena ka tlung ya Modimo; ho atamela ho mamela ditaba, ho hotle ho ena le ho hlaba sehlabelo sa mawatla; hobane ha a tsebe hobane a etsa hampe. Ver Capítulo |
Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.