Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Moeklesia 4:16 - BIBELE

16 Batho bao kgosi e tla ba busa ha ba na palo, empa le yona kgosi ha e se e fetile e ke ke ya thabelwa ke ba tla e hlahlama. Ruri le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisana le moya feela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 e ne e le setjhaba se sengata, o ne a ba busa kaofela; leha ho le jwalo, ba tlang ho tla kamorao, ba ke ke ba mo thabela; hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.

Ver Capítulo Copiar




Moeklesia 4:16
12 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sohle sa Iseraele, ho ya ka merabe ya sona, se ne se ngangisana ka bosona, se re: “Kgosi e re namoletse matsohong a dira tsa rona; e re pholositse le matsohong a Bafilesita, empa jwale e siile naha, e balehile Abosalome.


Setjhaba sohle sa nyoloha se mo setse morao, se ntse se letsa makodilo, se thabile haholo hoo ditlatse tsa sona di bileng tsa sisinya lefatshe.


Ke bone mesebetsi yohle e etswang mona lefatsheng, empa kaofela ha yona ke mafeela a tshwanang le ho lelekisa moya.


Ha ke tadima mesebetsi ya matsoho a ka, le ho fufulelwa ha ka ha ke e sebetsa, tsohle e ne le lefeela le kang ho lelekisa moya! Ha ho na moputso mona lefatsheng!


Yaba ke hloya bophelo, hobane mosebetsi o etswang mona lefatsheng o no le bohloko ho nna. Kaofela ha wona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Modimo o nea motho ya mo kgahlisang bohlale le tsebo le thabo, empa moetsadibe o newa mosebetsi o boima wa ho bokella le ho boloka matlotlo, a tle a a siele ya kgahlisang Modimo. Hona le hona ke lefeela le tshwanang le ho lelekisa moya feela.


Ke bone batho bohle ba phelang mona lefatsheng, ba tsamayang le mohlankana ya tla hlahlama kgosi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos