La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Eksoda 26:7 - BIBELE

“Ka boya ba dipodi o tla etsa masela a tente e kwahelang leaho; o tla etsa masela a leshome le motso o mong.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

O tlo o etse masela a boya ba podi ho etsa tente ya tabernakele; o tle o etse masela a jwalo a leshome le motso o mong.

Ver Capítulo



Eksoda 26:7
18 Referencias Cruzadas  

Ba motse wa Tire ba tla o nyehella ka dimpho, barui ba baditjhaba ba tla batla thuso ya hao.


masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lesela la lene, le ka boya ba dipodi;


“Hape o tla etsa leaho ka masira a leshome, a entsweng ka lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu; setsebi se lohelle ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.


Karolo e setseng e leketlile ya masela, ke hore halofo ya lesela e setseng, e tla lepellela fatshe, kamorao ho leaho.


O tla etsetsa Tente ya Morena marulelo ka matlalo a dipheleu a mmasa; o tla e etsetsa marulelo a mang a kahodimo ho ao ka matlalo a diqibi.


O tla etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, o hokanye masira a mabedi ka dihokelo tseo, e le hore leaho e be ntho e le nngwe.


Bolelele ba lesela ka leng e be dimethara tse leshome le metso e meraro, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masela ao a leshome le motso o mong a lekane.


O tla rokahanya masela a mahlano hammoho, le a mang a tsheletseng o a rokahanye hammoho; lesela la botshelela le tla menwa habedi monyakong wa tente.


Bohle ba neng ba ena le masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng; le boya ba dipodi, le matlalo a dipheleu a mmasa, le matlalo a diqibi, ba a tlisa.


Basadi bohle ba ratang, ba bohlale, ba ohla boya ba dipodi.


masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, le ka boya ba dipodi;


Thaba ya Sione mmoho le ba phuthehelang ho yona, motsheare Morena o tla e sireletsa ka leru le ka mosi, bosiu a e bonesetse ka kganare ya mollo, bohle ba sireletswe ke tlotla ya hae.


Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena;


Seaparo se seng le se seng, le ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka letlalo, le phahlo e nngwe le e nngwe e entsweng ka boya ba dipodi, le ntho e nngwe le nngwe e entsweng ka lehong, tsena tsohle le tla di hlwekisa.”


Ba tla jara masira a Tente ya Morena, le Tente ka boyona, le masela a e kwahetseng; hammoho le letlalo la qibi le e kwahetseng kahodimo; le lesira la monyako wa seotlwana sa Tente ya Morena;


Mokgabo wa lona o sa senyeheng o tswe botebong ba dipelo tsa lona, e leng moya wa mosa le kgutso, oo e leng ntho ya bohlokwa ho Modimo.


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”