Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 26:6 - BIBELE

6 O tla etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, o hokanye masira a mabedi ka dihokelo tseo, e le hore leaho e be ntho e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 O ntoo etsa dikgoketsane tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme o tle o kopanye masela hammoho ka dikgoketsane tseo, tabernakele e tle e be ntho e le nngwe feela.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 26:6
11 Referencias Cruzadas  

O tla etsa dihokelo tsa lethose tse mashome a mahlano, ebe o kenya dihokelo dikgoketsaneng; jwale o kopanye tente hore e be ntho e le nngwe.


O tla leketlisa lesira dihokelong, mme ka nqane ho lona o bee areka ya selekane. Lesira leo le tla arohanya Sehalalelo ho Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.


O tla etsa dikgoketsane tse mashome a mahlano lesireng la pele, o etse hape dikgoketsane tse ding tse mashome a mahlano ntlheng ya lesira la bobedi, moo masira a tla kopana teng, dikgoketsane tseo di tobane.


“Ka boya ba dipodi o tla etsa masela a tente e kwahelang leaho; o tla etsa masela a leshome le motso o mong.


e leng Leaho, tente ya lona, le marulelo a lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa tsona;


Ba etsa dihokelo tsa kgauta tse mashome a mahlano, mme masira a hokahanngwa ka bobedi ka dihokelo, Leaho ya eba ntho e le nngwe.


Ba etsa dihokelo tse mashome a mahlano tsa lethose, ho kopanya masela ana hore e be ntho e le nngwe.


Ba tlisetsa Moshe Leaho, le masela a le kwahelang, le tsohle tsa lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le ditshehetso tsa tsona.


Mmele wohle o kopanngwa ke yena, o tlamahanngwa manonyeletsong wohle ao o nang le wona. Ha setho ka seng se sebetsa kamoo se lokelang kateng, mmele o a hola, o imatlafatsa ka lerato.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos