Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 26:1 - BIBELE

1 “Hape o tla etsa leaho ka masira a leshome, a entsweng ka lesela la lene, a loehileng, le a maputswa, le a perese, le a mafubedu; setsebi se lohelle ditshwantsho tsa dikerubime ho wona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 O tla etsa tabernakele ka masela a leshome a lene e ntle e lohilweng, a purepera, a sekarelata, a krimsone; o tla homela dikerubime ho wona, e be mosebetsi o etswang ka masene.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 26:1
29 Referencias Cruzadas  

ya re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya Morena yona e dula kahara masira.”


Maboteng wohle a Tempele le a Sehalalelo, ho a potapota, a betla ditshwantsho tsa dikerubime, le tsa difate tsa dipalema, le tsa dithunthung.


Ha Davida a se a dula tlung ya hae, ka letsatsi le leng a re ho moporofeta Nathane: “Ako bone, nna ke dula tlung e hahilweng ka dithupa tsa dikedare, empa areka ya selekane sa Morena yona e dula hara masira!”


Leaho la Morena, leo Moshe a neng a le etse ha a le nahathothe, le aletare ya nyehelo ya setjheso, di ne di ntse di le sebakeng sa borapedi se Gibeone.


O tla etsa dikerubime tse pedi tsa kgauta; o di etse ka kgauta e thutsweng, mme di be ntlheng tse pedi tsa sekwahelo sa tefelo ya sebe.


masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lesela la lene, le ka boya ba dipodi;


“Jwale ba nketsetse Sehalalelo, ke tle ke ahe hara bona.


Bolelele ba lesira ka leng e be dimethara tse leshome le metso e mmedi, bophara ba lesela ka leng e be dimethara tse pedi, mme masira wohle a lekane.


“O tla etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lesela la lene, le loehileng; e be le entsweng ke ditsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime.


“Jwale ebe o etsa lesira la monyako wa Tente ya Morena; o le etse ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng, mme le etswe ke sehomi.


Ba tla etsa Tente ya Morena, le areka ya selekane, le sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima yona, le tsohle tse sebediswang ka Tenteng ya Morena;


e leng Leaho, tente ya lona, le marulelo a lona, le dihokelo tsa lona, le dithupa tsa lona, le maballo a lona, le ditshiya tsa lona, le didulwana tsa tsona;


Morena o ba neile dipelo tse bohlale, ba tle ba etse mesebetsi yohle ya bolala, le mesebetsi yohle e etswang ke ditsebi, le ya dihomi tsa masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene; le mesebetsi ya dilohi. Bana ke ditsebi tsa mesebetsi ena yohle, le diradi tsa ditshwantsho tsa mesebetsi.


masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, le ka boya ba dipodi;


Ba etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; le entsweng ke setsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime.


Ba etsa masenke a kgauta, ba a seha maqhwele, ba a rokella pakeng tsa lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lene; ya eba mosebetsi wa setsebi.


“Ka letsatsi la pele, la kgwedi ya pele, o tla hloma Leaho, Tente ya Morena.


Mosebetsi wa bana ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, e ne e le ho hlokomela Leaho, Tente ya Morena, le marulelo a yona, le lesira la monyako wa Tente ya Morena;


Ba tla jara masira a Tente ya Morena, le Tente ka boyona, le masela a e kwahetseng; hammoho le letlalo la qibi le e kwahetseng kahodimo; le lesira la monyako wa seotlwana sa Tente ya Morena;


Lentswe ya eba motho, la aha hara rona, mme ra bona tlotla ya lona, e tletseng mohau le nnete, tlotla e kang eo Mora ya tswetsweng a nnotshi a e fumaneng ho Ntate.


Feela yena o ne a bua ka tempele eo e leng mmele wa hae.


Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang.


Hona ke setshwantsho se supang mehla ya jwale: Tenteng eo, ho nyehelwa ka dimpho le ka mahlabelo a ke keng a etsa hore ya rapelang a hlwekiswe pelo.


o neilwe mose wa lesela le letleletle, le benyang, le hlwekileng. Lesela lena le letleletle ke diketso tse lokileng tsa bahalaledi.”


Ka utlwa lentswe le phahameng, le tswang teroneng, le re: “Bona, leaho la Modimo ke leo hara batho. O tla aha le bona; bona e tla ba setjhaba sa hae, mme Modimo ka sebele a be le bona, e le Modimo wa bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos