Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako, a re ho bona: “Ke sitetswe Morena Modimo wa lona; le lona ke le sitetswe.
Eksoda 10:8 - BIBELE Bo-Moshe le Arone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena, Modimo wa lona. Feela ke bo-mang ba tla ya?” Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Moshe le Aarone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: Tsamayang, le ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa lona. Na ho tla ya bomang le bomang? |
Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako, a re ho bona: “Ke sitetswe Morena Modimo wa lona; le lona ke le sitetswe.
Yaba Faro o bitsa Moshe, o re ho yena: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena! Feela mehlape ya lona ya dinku le ya dikgomo, yona le e siye. Bana ba lona bona ba ka ya le lona.”
Faro a bitsa Moshe le Arone, hara bosiu, mme a re: “Tsamayang, le tswe hara setjhaba sa ka, lona ba babedi hammoho le bana ba Iseraele, le tsamaye, le yo sebeletsa Morena ho ya kamoo le boletseng kateng!
Yaba Faro o bitsa Moshe le Arone, o re ho bona: “Tsamayang, le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo hona naheng ena!”
Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”
Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”