Eksoda 10:7 - BIBELE7 Jwale bahlanka ba Faro ba re ho yena: “Motho eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neng? Lokolla batho bana, ba tle ba yo sebeletsa Morena, Modimo wa bona. Na ha o eso hlokomele hore Egepeta e a timela?” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Bahlanka ba Faro ba re ho yena: Monna eo e tla ba leraba ho rona ho fihlela neneng? Lokolla batho bao, ba tle ba ye ho sebeletsa Jehova, Modimo wa bona. Na ha o eso ho lemohe hobane Egepeta e senyehile na? Ver Capítulo |
Ka baka leo, ba roma maqosa ho ba memela dikgosi tsohle tsa Bafilesita, mme ba re ho tsona: “Tlosang areka ena ya Modimo wa Baiseraele, le e kgutlisetse moo e tswang teng, e tle e se ke ya re bolaya, rona le setjhaba sa habo rona!” Ho ne ho nkga lefu feela hara motse wohle, hobane Morena o ne a ba otla habohloko.