Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:6 - BIBELE

6 Di tla tlala ka matlung a hao, le ka matlung wohle a bahlanka ba hao, le ka matlung wohle a Baegepeta. Bo-ntatao le bo-ntataomoholo ha ba eso bone tse kaalo, haesale ba eba teng lefatsheng, ho fihlela letsatsi lena.’ ” Yaba Moshe o a reteleha, o tloha ho Faro.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Di tla tlala matlung a hao, le matlung a bahlanka ba hao kaofela, le matlung a Baegepeta kaofela; bontatao, kapa bontata bontatao ha ba eso ho bone tse kalo, haesale ba hlaha lefatsheng ho fihlela la kajeno. Yaba Moshe o a kgutla, a tloha pela Faro.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:6
11 Referencias Cruzadas  

Le ho ka! A ho tsamaye lona banna, hona jwale, le yo sebeletsa Morena, hobane ke sona seo le neng le se batla.” Yaba ba lelekwa kapele ho Faro.


Ho tla ba le sello sa phohomela naheng yohle ya Egepeta, seo ho esong ho be se kang sona, mme se ke keng sa hlola se eba teng.


Bahlanka bana ba hao bohle, ba tla tla ho nna, mme ba nkgumamele, ba re: ‘Tsamaya, wena le batho bohle ba o setseng morao,’ mme kamorao ho moo le nna ke tla tsamaya.” Moshe a tloha ho Faro, kgalefo ya Faro e tlokoma.


Empa ha o sa lokolle setjhaba sa ka, ke tla romela diboba ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao, le matlung a hao. Matlo a Baegepeta a tla tlala diboba, le wona mobu oo a hahilweng ho wona.


Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.


Bona, hosasane, ka yona nako ena, ke tla nesa sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona mona Egepeta, ho tloha mohla e simolohang, ho fihlela kajeno.


Sefako sa na, mmane wa nna wa tsekema hara sefako se dinaka, seo ho esong ho be se kang sona naheng yohle ya Egepeta, haesale naha eo e eba le baahi.


Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.


Le feresa motse, le mathe hodima marako, le hlwelle le kahodima matlo, le kene ka difesetere se ka mashodu.


Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos