Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 10:5 - BIBELE

5 Di tla aparela naha yohle, mme ha ho le ya mong ya tla tseba ho bona mobu. Di tla ja tsohle tse ileng tsa siuwa ke sefako, di je difate tsohle tsa lona tse melang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 di tla aparela bophara ba naha, motho a be a sitwe ho bona lefatshe; di tla ja mesaletsa e phonyohileng, eo le e sietsweng ke sefako, di je difate tsohle tse ntseng di metse masimong a lona.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 10:5
7 Referencias Cruzadas  

Morena a re ho Moshe: “Otlollela letsoho la hao hodima naha ya Egepeta, hore ditsie di tle; di aparele naha ya Egepeta, di je dimela tsohle tsa naha, le tsohle tse siilweng ke sefako.”


Di ne di aparetse naha hoo ho neng ho bonahala botsho ba tsona feela; tsa eja dimela tsohle tse naheng eo, le ditholwana tsohle tse difateng, tseo sefako se neng se di siile. Ha ho a ka ha sala letho le letalana difateng le dimeleng tsa naha, naheng yohle ya Egepeta.


Haeba o hana ho lokolla setjhaba sa ka, bona, hosasane ke tla tlisa ditsie naheng ena ya hao.


empa koro le mabele tsona ha di a ka tsa ruthuthwa, hobane di jetswe morao.


Ditsie tsa fihlellana ka mekgahlelo: wa pele wa eja dijalo, wa siya, wa bobedi wa eja, le wona wa siya, wa boraro wa eja, le wona wa siya, wa bone wa eja, wa kokona tsohle.


“Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona.


Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa, kamorao ho lona ho tuka malakabe. Kapele ho lona naha e ka tshimo ya Edene, kamorao ho lona naha e sala e le nanaola; le a fiela, ha le siye le letho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos