Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 8:25 - BIBELE

25 Yaba Faro o bitsa Moshe le Arone, o re ho bona: “Tsamayang, le yo etsetsa Modimo wa lona sehlabelo hona naheng ena!”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Tsamayang, le ye ho hlabela Modimo wa lona naheng ena.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 8:25
9 Referencias Cruzadas  

Faro a bitsa Moshe le Arone ka potlako, a re ho bona: “Ke sitetswe Morena Modimo wa lona; le lona ke le sitetswe.


Yaba Faro o bitsa Moshe, o re ho yena: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena! Feela mehlape ya lona ya dinku le ya dikgomo, yona le e siye. Bana ba lona bona ba ka ya le lona.”


Bo-Moshe le Arone ba kgutlisetswa ho Faro, mme a re ho bona: “Tsamayang, le yo sebeletsa Morena, Modimo wa lona. Feela ke bo-mang ba tla ya?”


Faro a bitsa Moshe le Arone, hara bosiu, mme a re: “Tsamayang, le tswe hara setjhaba sa ka, lona ba babedi hammoho le bana ba Iseraele, le tsamaye, le yo sebeletsa Morena ho ya kamoo le boletseng kateng!


Faro a bitsa Moshe le Arone, a re: “Rapelang Morena hore a tlose dihohwana tsena ho nna le ho setjhaba sa ka, mme ke tla lokolla setjhaba hore se yo etsetsa Morena sehlabelo.”


Yaba Faro o romela batho ho bitsa Moshe le Arone, mme a re ho bona: “Ha e le kajeno ke sitilwe. Morena o lokile; nna le setjhaba sa ka ke rona ba kgopo.


Nthapelleng ho Morena. Letolo lena la Modimo le sefako, di feta tekanyo; ke tla le lokolla, mme le ke ke la hlola le dula mona.”


Ka baka leo, se iketseng basomi, esere mahlaahlela a imela matsoho a lona, hobane ke utlwile ha ho phatlalatswa timetso, e phatlalatswa ke Morena, Modimo wa mabotho, a re lefatshe lohle le tla timetswa.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos