Eksoda 8:26 - BIBELE26 Moshe a re: “Ha ho dumellehe hore re etse jwalo, hobane re etsetsa Morena Modimo wa rona, mahlabelo a diphoofolo tseo ho di hlaba e leng sebe ho Baegepeta. Bona mona, ha re ka etsa sehlabelo se jwalo, e leng sebe ho Baegepeta, ra se etsa moo ba ntseng ba bona, na ha ba na ho re tlepetsa ka majwe? Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)26 Moshe a re: Ha ho a lokela ha re ka etsa jwalo, hobane seo re se hlabelang Jehova, Modimo wa rona, ke seo e leng manyala ho Baegepeta. Hleka ha re hlaba ntho e manyala ho Baegepeta mahlong a bona, na ba ke ke ba re tlepetsa ka majwe na? Ver Capítulo |
Dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, tse neng di le pela Jerusalema, ka letsohong le letona ho Thaba ya Tshenyeho, tseo Solomone, kgosi ya Iseraele, a neng a di hahetse Asetarote, manyala a Basidone; le Kemoshe, manyala a Bamoabe; le Milekome, manyala a bana ba Amone; tsena tsohle ya di silafatsa.
“Jwale ba tla mamela lentswe la hao. Wena le baholo ba Iseraele le tla ya ho kgosi ya Egepeta, mme le re ho yona: ‘Morena, Modimo wa Baheberu, o teane le rona; kahoo re a o kopa, hore o re dumelle re nke leeto la matsatsi a mararo, re ye lehwatateng, re yo etsetsa Morena, Modimo wa rona, sehlabelo.’