Ke moo a robileng metsu, metsu e bebang ya seqha, le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa.
Daniele 7:3 - BIBELE Yaba dibatana tse nne, tse kgolo, tse sa tshwaneng, di bitoha hara lewatle. Sesotho 1909/1961 (SO) Dibatana tse kgolo tse nne tsa nyoloha di etswa lewatleng, se seng se le hosele ho se seng. |
Ke moo a robileng metsu, metsu e bebang ya seqha, le thebe, le sabole, le hlomo tsa ntwa.
Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang.
Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.