Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Daniele 7:4 - BIBELE

4 “Sebatana sa pele se ne se tshwana le tau, empa se ena le mapheo a kang a ntsu. Ka se tadima ho fihlela ha se kgaolwa mapheo, sa phahamisetswa hodimo, se emiswa ka maoto jwaloka motho, se bile se newa kelello e kang ya motho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Sa pele se ne se ka tau, se ena le mapheo a ntsu; ka tadima ho fihlela mapheo a sona a hlojwa, mme sa nkwa fatshe, sa emiswa ka maoto a sona jwaloka motho, sa newa pelo ya motho.

Ver Capítulo Copiar




Daniele 7:4
27 Referencias Cruzadas  

“Saule le Jonathane, dikgabane le baratehi, ha ba a arohana ha ba phela leha ba shwele; belo la bona le ne le feta la ntsu, matla a bona a feta a lekakuba.


motho a ka loka jwang, yena e le popane, ya tswetsweng ke motho, yena e le seboko!”


Thusa, Morena! Motho a se ke a kgantsha matla, ditjhaba di ahlolwe kapela hao.


Morena o jwaloka tau e tswile selaong, kahoo naha ya bona e fetohile nanaola, ka baka la bohale ba sabole, sabole ya motlatlapi, ka baka la kgalefo ya Morena, kgalefo e tlokomang.


Sera se subuhlellana sa maru a phethesela, kariki tsa sona tsa ntwa di tla sa setsokotsane, belo la pere tsa sona le feta la ntsu. A rona bale! Re timetse ruri!


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


Morena o bua tjena: “Bonang, ntsu ke eo e ubella, e thathaladitse mapheo hodima Moabe,


“Jwaloka tau e tswang merung ya Jorodane, e etswa ho ya makgulong a matalana, ka ho panya ha ntshi Edomo ke tla e leleka, ke e leleke naheng e le ya yona. Ba tla sireletswa ke mang ha ke ba otla? Ya ka tshwanang le nna ebe ke mang? Ya ka nkisang kgotla yena ke mang? Moetapele ke ofe ya ka nkemang kapele?”


Baphaladisi ba rona ba lebelo haholo, ba lebelo le ho feta dintsu di fofa; ba re phaladisitse hodima dithaba, ba re lalla hara lehwatata.


O re ho bona: ‘Morena Modimo o bua tjena: “ ‘Ntsu e kgolo, e mapheo a maholo, a malelele, a thathaletseng, a masiba a mangata, a mebalabala, ya fihla naheng ya Lebanone, ya dula kaleng la kedare, kaleng le hodimodimo.


“Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re: ‘Morena Modimo o re: “ ‘Pelo ya hao e a ikgohomosa, o bile o re: Nna ke modimo, ke dutse teroneng ya Modimo, e potapotilweng ke mawatle. Empa o motho, ha o modimo, le hoja o re o bohlale sa Modimo.


Na ha o shebana le babolai ba hao, o tla nno ipolele, o re o modimo? Ha o le matsohong a babolai ba hao o tla nno be motho, e seng Modimo.


O o neile matla a ho busa batho bohle moo ba phelang teng, le dibatana tsa naha, le dinonyana tse fofang; o o entse mmusi wa tsena kaofela. Hlooho ena ya kgauta ke wena.


“Ka yona nako eo, kelello ya ka ya botho ya kgutla, mme boitlhompho ba ka le bokgabane ba ka ba boela ho nna hore puso ya ka e boele e tlotlehe. Baeletsi ba ka le mahosana a ka a mpatla, ka busetswa tulong sa ka sa bokgosi, mme ka tlotleha le ho feta pele.


Ha a le dibatana tse ding tsona, di ile tsa amohuwa matla a tsona, empa tsa ekeletswa nakwana ya ho phela.


“Ka bona sebatana sa bobedi, se tshwanang le bere, se eme ka maoto a morao. Se ne se lomme mahopo a mararo ka meno a sona. Yaba ho thwe ho sona: ‘Ema, o harele nama e ngata!’


Kae le kae moo sefifi se leng teng matlaka a tla bokana teng.”


“Morena o tla o tlisetsa setjhaba se tswang hole, pheletsong ya lefatshe, se etla jwaloka ntsu ha e fofa; setjhaba seo o sa tsebeng puo ya sona;


Sebatana seo ke ileng ka se bona se ne se tshwana le lengau, maro a sona a ne a le jwaloka maro a bere, molomo wa sona o le jwaloka molomo wa tau. Kganyapa ya se nea matla a yona, le terone ya yona, le borena bo boholo ba yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos