Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.
BaFilipi 3:16 - BIBELE Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse. Sesotho 1909/1961 (SO) Empa haele moo re setseng re fihletse teng, re ke re tsamaye ka molao o le mong. Baasraak Sotho NT Leha ho le joalo, seo re seng re fihlile ho sona, a re tsamaeeng ka molao o le mong, re be le maikutlo a tšoanang. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Leha ho le joalo, seo re seng re fihlile ho sona, a re tsamaeeng ka molao o le mong, re be le maikutlo a tšoanang. |
Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.
Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu,
Bohle ba tsamayang ka molao ona, kgotso le mohau di ke di be le bona, le Iseraele wa Modimo.
Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.
le ke le nthabise haholo, ka ho ba pelonngwe, ka ho ba le lerato le tshwanang, le ka ho ba moyamong, le maikutlo a le mang.
Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.