Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:17 - BIBELE

17 Bana beso, bohle le nketsise. Ke le beetse mohlala, kahoo inkeleng wona ho ba o latelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Banabeso bohle hammoho le be baetsisi ba ka, mme le ele hloko ba tsamayang ka mehlala eo re le etseditseng yona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

17 Bana beso, le be baetsisi ba ka hammoho, mme le hlokomele ba tsamayang jwalo, jwalokaha re le mohlala ho rona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

17 Bana beso, le be baetsisi ba ka hammoho, mme le hlokomele ba tsamayang jwalo, jwalokaha re le mohlala ho rona.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:17
15 Referencias Cruzadas  

Hlokomela ya phethehileng, o tadime ya lokileng: Motho wa kgotso o tla ba le ditloholo;


Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe


Le se kgopise motho, e ka ba Mojuda, kapa moditjhaba, kapa le kereke ya Modimo,


Latelang mohlala wa ka, jwalokaha le nna ke latela wa Kreste.


Ka baka leo, ke le kgothaletsa hore le latele mohlala wa ka.


Tseo le ithutileng tsona, la di amohela, la di utlwa, la di bona ho nna, le di phethe, mme Modimo ya re fang kgotso o tla ba le lona.


Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.


Haeba e mong a sa mamele seo re se bolelang lengolong lena, mo hlokomeleng, mme le se ikamahanye le yena, a tle a hlajwe ke dihlong.


Lona le tseba kamoo le tlamehang ho re etsisa kateng. Ha re a ka ra ba dikgoba ha re ne re ena le lona,


Hase hore re ne re se na tokelo ya ho etsa jwalo, empa e ne e le hore re le etsetse mohlala, le tle le re etsise.


Ho se be ya o nyedisang ka baka la botjha ba hao, o mpe o iketse mohlala ho badumedi ka dipolelo, ka metsamao, ka lerato, ka tumelo le ka bohlweki.


Hopolang batsamaisi ba lona ba le boleletseng lentswe la Modimo. Tadimang tsela eo ba phetseng ka yona, eo ba shweleng ka yona, mme le ba etsise tumelong ya bona.


Ba beilweng tlhokomelong ya lona, le se ke la ba busa ka thata, le mpe le be mohlala ho mohlape wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos