Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaFilipi 3:16 - BIBELE

16 Leha ho le jwalo, a re tsweleng pele ka seo re seng re se fihletse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Empa haele moo re setseng re fihletse teng, re ke re tsamaye ka molao o le mong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

16 Leha ho le joalo, seo re seng re fihlile ho sona, a re tsamaeeng ka molao o le mong, re be le maikutlo a tšoanang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

16 Leha ho le joalo, seo re seng re fihlile ho sona, a re tsamaeeng ka molao o le mong, re be le maikutlo a tšoanang.

Ver Capítulo Copiar




BaFilipi 3:16
14 Referencias Cruzadas  

Utlwanang ka ho tlala, le se ke la ikakasa, empa le be metswalle ya ba eisehang. Le se ke la ipona bohlale.


Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu,


Le ne le ntse le le temeng. Ke mang ya le thibetseng ho nna le latela nnete?


Bohle ba tsamayang ka molao ona, kgotso le mohau di ke di be le bona, le Iseraele wa Modimo.


Feela le ke le phele ka mokgwa o tshwanelang molaetsa o molemo wa Kreste, e le hore, leha nka tla ho le bona kapa ka sitwa, ke nne ke utlwe hore le ntse le tiile, le moyamong, mme ka maikutlo a le mang le lwanela tumelo e hlahiswang ke molaetsa o molemo.


le ke le nthabise haholo, ka ho ba pelonngwe, ka ho ba le lerato le tshwanang, le ka ho ba moyamong, le maikutlo a le mang.


Ke rapela Efodia le Sintike hore ba be pelonngwe Moreneng.


Jwale, kaha le amohetse Kreste Jesu e le Morena, phelang mmoho le yena.


Tiisetsang thapelong ka phadimeho le ka teboho.


Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos