Hoja ke sera se ntlhapaolang, ke ne ke tla mamella; hoja ya ntlhoileng ke yena ya ikgantshetsang nna, ke ne ke tla ipatela yena.
BaFilipi 2:20 - BIBELE Ke yena feela mona ya nang le maikutlo a kang a ka, ya le thahasellang. Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane ha ke na e mong eo pelo ya hae e tshwanang le ya ka jwaloka yena, leha e le ya hlokomelang taba tsa lona ka sebele jwaloka yena. Baasraak Sotho NT Hobane ha ke na motho ya nang le pelo e tshwanang le ya ka, ya tla hlokomela taba tsa lona ka sebele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane ha ke na motho ya nang le pelo e tshwanang le ya ka, ya tla hlokomela taba tsa lona ka sebele. |
Hoja ke sera se ntlhapaolang, ke ne ke tla mamella; hoja ya ntlhoileng ke yena ya ikgantshetsang nna, ke ne ke tla ipatela yena.
O ile a rialo, e seng hobane a ne a tsotella mafutsana, empa hobane e ne e le leshodu, mme kaha a ne a tshwara mokotla wa tjhelete, o ne a utswa tse kentsweng kateng.
Jwale Modimo ya re fang mamello le matshediso a ke a le nee maikutlo a le mang ho ya ka thato ya Kreste Jesu,
Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.
le ke le nthabise haholo, ka ho ba pelonngwe, ka ho ba le lerato le tshwanang, le ka ho ba moyamong, le maikutlo a le mang.
Timothea o pakwa ke mesebetsi ya hae. Le tseba hore o nthusitse ho phatlalatsa molaetsa o molemo, jwalokaha mora a thusa ntatae.
Hape le dumediswa ke Jesu ya bitswang Jusetose. Bao ke bona feela ho Bajuda ba sebeleditseng Mmuso wa Modimo hammoho le nna, ba ntshedisitseng haholo.
ke dumedisa Timothea, ngwanaka wa sebele tumelong, ke re: Mohau, lereko le kgotso ya Modimo Ntate le ya Kreste Jesu, Morena wa rona, di ke di be le wena.
Ha o hlalosetsa bana babo rona tsena, o tla ba mosebeletsi wa sebele wa Kreste Jesu, ya otlwang ka dipolelo tsa tumelo le tsa thuto e ntle eo o e latetseng ka hloko.
Ha ke lebale tumelo ya hao e se nang boikaketsi, e leng tumelo eo nkgonwao Loise le mmao Eunike ba neng ba ena le yona, mme ke kgodisehile hore le wena o na le yona.
Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong,
Ha Davida a se a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa kgomarelana le moya wa Davida, mme Jonathane a rata Davida jwalokaha a ithata.
Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.