Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 18:1 - BIBELE

1 Ha Davida a se a qetile ho bua le Saule, moya wa Jonathane wa kgomarelana le moya wa Davida, mme Jonathane a rata Davida jwalokaha a ithata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Eitse hobane Davida a qetelle ho bua le Saule, pelo ya Jonathane ya holehana le pelo ya Davida, mme Jonathane a mo rata, jwalokaha a ithata.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 18:1
17 Referencias Cruzadas  

“Jwale ha nka ka fihla ho ntate, mohlanka wa hao, mohlankanyana a le siyo, kaha pelo ya ntate e mo kgomaretse,


Jonathane, moreso, ke pelotlhomohi ka wena, ho nna o no rateha hakaakang! Rato la hao ho nna e ne le mohlolo, le la basadi le a shaitsa.


Davida a ya ba kgahlanyetsa, a re ho bona: “Haeba le tlile ka kgotso, ho tla nthusa, ke tla le kgomarela, empa haeba le tlile ho tla nkekela dira tsa ka, leha ke se na molato, Modimo wa bo-ntata rona o tla le bona, a le otle.”


Nthute tsela ya hao Morena, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao; tataisetsa pelo ya ka tshabong ya lebitso la hao.


Metswalle mmotwana e isa motho timelong, wa sebele yena o tshepahala ho feta ngwanabo motho.


“Haeba ngwaneno wa letswele, kapa mora wa hao, kapa moradi wa hao, kapa mosadi wa hao wa sethibamathe, kapa motswalle wa hao wa hlooho ya kgomo, a ka o hohela ka lekunutu, a re: ‘A re ye, re yo sebeletsa medimo e meng,’ eo wena, le bo-ntata lona, le sa kang la e tseba;


Ke entse jwalo hore dipelo tsa bona di tshedisehe, di kopane mmoho ka lerato, ba tle ba rue tsebo e tletseng, e tlisang kutlwisiso ya sephiri sa Modimo, e leng Kreste.


Kahoo banna bohle ba Iseraele ba futuhela motse oo ba ikentse kgokanyana phiri.


Yaba setjhaba se re ho Saule: “Na Jonathane o tla bolawa, yena ya pholositseng setjhaba sa Iseraele hakaalekaale? Le ho ka! Re ikana ka Modimo ya phelang: Leha e le qoba e le nngwe feela ya moriri wa hae e ke ke ya wela fatshe! Seo a se entseng kajeno, o se entse ka thuso ya Modimo.” Setjhaba sa lopolla Jonathane, a se ke a bolawa.


Bo-Jonathane le Davida ba etsa selekane, hobane Jonathane o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Saule a bolella Jonathane, mora wa hae, le bahlanka ba hae bohle, hore ba bolaye Davida. Empa Jonathane, mora wa Saule, o ne a rata Davida haholo.


Jonathane a bolella Davida, a re: “Saule, e leng ntate, o rata ho o bolaya. Ka baka leo, ke a o rapela: Hosasane o itlhokomele, o ipate moo ho seng motho ya tsebang.


Jonathane a re Davida a hlapanye hape hore o tla mo rata, hobane Jonathane le yena o ne a rata Davida jwalokaha a ithata.


Ka baka lena, tshepahala ho mohlanka wa hao, hobane yena le wena le entse selekane sa Morena. Empa haeba ke entse bokgopo, ke hle ke bolawe ke wena ka sebele sa hao. O tla be o nkisetsang ho ntatao?”


ha e le moo lona bohle le ile la nthera, mme ha se ke ha eba le ya mong ya ntomang tsebe ha mora wa ka le mora wa Jese ba etsa selekane? Ha ho le ya mong wa lona ya nkutlwelang bohloko, kapa ya ntsebisang hore mora wa ka o fuduha mohlanka wa ka hore a ntalle, jwalokaha ho le jwalo kajeno.”


Bobedi ba bona ba etsa selekane kapele ho Morena; Davida a dula moo Horeshe, Jonathane yena a kgutlela ha hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos