La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




BaFilipi 1:29 - BIBELE

Lona le filwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho Kreste, empa le la ho mamella mahloko ka baka la hae.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane ka baka la Kreste le neilwe lehlohonolo, e seng feela la ho dumela ho yena, e leng le la ho utlwiswa bohloko ka baka la hae.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane le neilwe ka baka la Kreste, e seng ho dumela ho yena feela, empa le ho hlokofatswa ka baka la hae;

Ver Capítulo



BaFilipi 1:29
14 Referencias Cruzadas  

Jesu a mo araba, a re: “O lehlohonolo, Simone mora Jona, kahobane hase motho wa nama le madi ya o senoletseng hona, empa ke Ntate ya mahodimong.


mang le mang ya dumelang ho Jesu o fumanwa a se molato ho tsona.


Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”


Ha ba fihla, ba phutha kereke, ba beha tsohle tseo Modimo a di entseng ka bona, le hore o buletse baditjhaba monyako wa tumelo.


Ha e le baapostola, ba tloha kgotla ba nyakaletse, hobane ba fumanwe ba lokelwa ke ho tlontlollwa ka baka la lebitso la Jesu.


Ho feta mona, re motlotlo le hara matshwenyeho, ka ho tseba hore matshwenyeho a hlahisa mamello,


hobane ke ka mohau le pholositsweng ka ho dumela. Hona hase ho tswang ho lona, ke mpho ya Modimo;


Ka kolobetso le epetswe le yena, la ba la tsoswa le yena bafung, ka ho tshepa matla a Modimo ya mo tsositseng bafung.


Bana beso, ikukeng le le ba lehlohonolo, ha le feta hara diteko tsa mefutafuta,


Thabo ya lona e ke e lekane le kabelo eo le nang le yona mahlokong a Kreste, e le hore le tle le thabe, le nyakalle, mohla tlotla ya hae e bonahatswang.