BaFilipi 1:14 - BIBELE mme bana babo rona ba bangata ba tshepile Morena ka ho tiya ka baka la ditlamo tsa ka, hoo ba leng sebete ho feta pele ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho. Sesotho 1909/1961 (SO) Mme jwale, ba bangata ho bana babo rona Moreneng ba ekeleditswe matla a ho bolela lentswe la Modimo, ba se na tshabo, ka ho kgothahala ke ditlamo tsa ka. Baasraak Sotho NT Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Haele baena ba bangata Moreneng, ha ba ntse ba tshepile ka ditlamo tsa ka, ba tiya ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho. |
Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha.
Ka hona ke le kopa hore le se ke la tepella, hobane ke matshwenyehong ka baka la lona, mme le ka ithorisa ka wona.
Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.
Ho a lokela hore ke be le maikutlo a jwalo ka lona bohle, kaha le le pelong ya ka kamehla, lona bohle ba nang le kabelo lehlohonolong la ka, leha ke le ditlamong, leha ke fumane sebaka sa ho buella kapa ho tiisa molaetsa o molemo.
Ha ho le jwalo, bana beso ba ratehang, bao ke ba hlolohetsweng haholo, lona baratuwa, thabo le moqhaka wa ka, emang le tiile jwalo Moreneng.
Tikikose, ngwanabo rona ya ratehang, mosebeletsi ya tshepahalang wa Morena le molekane wa rona wa bohlanka, o tla le tsebisa tsohle tsa ka.
Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.
oo ke hlokofatswang ka baka la wona, ke bileng ke leng ditlamong jwaloka sesenyi. Empa lentswe la Modimo lona ha le a tlangwa.