Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Bakorinthe 3:12 - BIBELE

12 Kaha re na le tshepo e jwalo, re bua ka sebete,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Jwale, ka baka la ho ba le tebello e kalo, re bolela ka matla a maholo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

12 Ka hona, kaha re na le tšepo e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ka hona, kaha re na le tšepo e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo.

Ver Capítulo Copiar




2 Bakorinthe 3:12
21 Referencias Cruzadas  

Bajuda ba mo teela hare, mme ba re ho yena: “O tla re dikadikisa ho fihlela neneng? Ha o le Kreste, re bolelle phatlalatsa.”


“Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng.


Barutuwa ba hae ba re: “Bona, jwale o bua ka mokgwa o totobetseng, e seng ka papiso.


Ka baka leo, bo-Paulosi le Baranabase ba qeta nako e telele ba bua ka sebete ka Morena. Morena a paka bonnete ba lentswe le bolelang mohau wa hae, ka ho ba nea matla a ho etsa mehlolo le dimakatso.


Yare ha ba bona sebete sa Petrose le Johanne, ba lemoha le hore ha ba a ruteha, ke batho feela, ba makala. Ba ba ba tseba hore ke ba bileng le Jesu.


Baranabase a mo nka, a mo isa ho baapostola, mme a ba hlalosetsa kamoo Saule a ileng a bona Morena kateng tseleng, le hore o ile a bua le yena, le kamoo a ileng a bua kateng phatlalatsa Damaseka ka lebitso la Morena.


O ne a bua, a phehisana kgang le Bajuda ba buang Segerike, mme ba leka ho mmolaya.


Empa phuthehong nka rata ho bua mantswe a mahlano, a utlwisiswang, hore ke rute ba bang, ho ena le ho bua mantswe a diketekete a sa utlwahaleng.


Nna Paulosi, eo ho thweng ke konyana ha ke le hara lona, empa ke tau ha ke le hole le lona, ka bonna ke ipiletsa ho lona ka mosa le ka bopelonolo ba Kreste.


Ha se neng se fela se tlile ka tlotla, se sa feleng se tla ba le tlotla e kgolo hakaakang!


Empa Mangolo a re: “Ke dumetse, ka hona ke a bua.” Ka wona moya o jwalo wa tumelo le rona re a dumela, ka hona re a bua,


Ke le tshepile haholo, ke motlotlo ka lona; matshwenyehong a rona wohle ke ntse ke tletse tshepo, thabo ya ka e a kgaphatseha.


mme bana babo rona ba bangata ba tshepile Morena ka ho tiya ka baka la ditlamo tsa ka, hoo ba leng sebete ho feta pele ho bolela lentswe la Modimo ba sa tshabe letho.


Seo ke se lebeletseng, mme ke se tshepileng, ke sena: Ha ke na ho swabiswa ke letho, empa jwale le kamehla ke na le tshepo e tiileng ya hore Kreste o tla tlotliswa ka nna, leha nka shwa kapa ka phela.


Nthapelleng hore ke se senole, jwalokaha ke tlamehile ho bua.


Kamoo le tsebang kateng, ha re le motseng wa Filipi, re ne re sa tswa hlokofatswa, re etswa hampe, empa ka thuso ya Modimo wa rona re ile ra ba sebete ho le bolella molaetsa o molemo wa Modimo, hara kganyetso e kgolo.


Ba sebeleditseng kereke hantle ba tla iphumanela ditulo tse hlomphehang, mme ba bolele tsa tumelo ho Jesu Kreste ka sebete.


Ka baka lena nka ba sebete ho o laela ka Kreste ho etsa se lokelang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos